Nahanisisa ka Lentsoe la Jehova Letsatsi le Leng le le Leng!
1 Letsatsi ka leng le hlahisa liphephetso tse ncha tumelong ea hao. Mohlomong motho e mong oa lefatše eo u mo tloaetseng o lula a u phehella hore u laetsane le eena. Tichere ea hao e batla hore u hahamalle pakane ea lefatše, kapa mohiri oa hao o batla hore u sebetse lihora tse eketsehileng. Mohlomong bophelo ba hao bo ea bo ntse bo fokola. Le hoja liteko tse joalo li ka ’na tsa u tlela neng le neng, ha u mong. Jehova o ikemiselitse ho u fa bohlale bo hlokahalang hore u sebetsane le tsona. Ho hlahloba temana ea Bibele le litlhaloso tse bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo ke tsela e ’ngoe eo ka eona u ka iphepang ka Lentsoe la Jehova kamehla. Na u sebelisa tokisetso ee hamolemo?
2 Thuso ea Fumaneha: Esaia 30:20 (NW) e hlalosa Jehova e le ‘Morupeli e Moholo’ eo batho ba Molimo ba ka talimang ho eena bakeng sa thuso. O u fa seo u se hlokang bakeng sa ho talimana le liphephetso tsa tumelo ea hao. Joang? Temana e latelang ea hlalosa Esa 30:21: “Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.’” Kajeno, Jehova o fana ka “lentsoe” la hae ka Mangolo le likhatiso tsa “lekhoba le tšepahalang.” (Mat. 24:45) Ho na le bohlale bo bongata lihloohong tse fetileng tsa Molula-Qhooa, tse amang hoo e batlang e le tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba Bokreste. Ho hlahloba tse qotsitsoeng bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo ho u thusa ho haha moliko oa tsebo eo e leng ea bohlokoa haholo bakeng sa ho sebetsana le liteko tsa mefuta eohle.—Esa. 48:17.
3 Hlophisa Nako Bakeng sa Hona: Le hoja linako tsa hoseng e ne e e-ba tse phathahaneng, ’mè e mong o ile a ikemisetsa ho bala temana ea letsatsi le litlhaloso tsa eona le ho e tšohla le mor’a hae ha a ntse a e-ja lijo tsa hoseng. Mantsoe ana hammoho le thapelo e ne e e-ba ’ona mantsoe a ho qetela ao mora a a utloang hoseng ho hong le ho hong pele a e-ea sekolong. A ile a mo matlafalletsa ho hanela liteko tsa ho kopanela boitšoarong ba likamano tsa botona le botšehali, ho ema a sa sekisetse ha a talimane le maemo a hlohlelletsang bochaba le ho fana ka bopaki bo sebete ho liithuti hammoho le ho matichere. Le hoja e ne e le eena feela Paki sekolong, ha ho mohla a kileng a ikutloa a jeoa ke bolutu.
4 Tšepela ho Jehova le Lentsoeng la hae bakeng sa tataiso le keletso. Ha u etsa joalo, e tla ba oa sebele ho uena, a be joaloka motsoalle ea ka tšeptjoang. E-ea ho eena letsatsi le leng le le leng! Hammoho le ba bang ba limilione lefatšeng ho pota bao letsatsi le letsatsi ba hlahlobang Lentsoe la Molimo, u ka ’na ua fumana hore mahlo a hao e ba “mahlo a bonang Morupeli oa [hao] e Moholo.”