Lijo Tsa Moea Tsa Letsatsi le Letsatsi—Li Bohlokoa Bakeng sa Lelapa la Bokreste
1 “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.” (Matt. 4:4) Mantsoe ao ke ’nete hakaakang! Joalokaha re hloka lijo tsa nama letsatsi le leng le le leng, ho boetse ho hlokahala hore re je lijo tsa moea letsatsi le letsatsi. E le ho re thusa hore re iphepe ka mehla ka Lentsoe la Molimo, Mokhatlo o hatisitse bukana Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla. Joaloka lelapa la Bakreste, na le behella nako ka thōko letsatsi ka leng bakeng sa ho hlahloba temana ea letsatsi?
2 Batsoali ba Tlameha ho Beha Mohlala: Ka baka la kemiso e etsang hore motho a lule a tšoarehile, ho bobebe ho behella ho hlahloba temana ea letsatsi ka thōko ka ho nahana hore e tla etsoa ka nako e ’ngoe. Empa haeba batsoali ba amehile ka tlhoko ea lelapa la bona ea moea, ba tla batla nako, e, ba etse nako, letsatsi ka leng hore ba etse seo ha lelapa le le ’moho. (Matt. 5:3) Ba tla nka khato ea pele ka hore ba se ke ba bala temana ea letsatsi le bana ba bona feela empa hape ba totobatse lintlha tse leng tlhalosong ea Molula-Qhooa le ho buisana ka hore na boitsebiso le keletso eo ba ka li sebelisa joang. Ke ’nete hore, ho tla hloka boiteko le ho ikoetlisa ho tloaela mokhoa ona, empa melemo e tla tšoanela boiteko bo entsoeng. (Bapisa le Liketso 17:11, 12.) Kahoo, batsoali, sebetsang ka thata ho beha mohlala o motle!
3 Batlang Nako e Loketseng: Ke efe nako e loketseng hantle bakeng sa hore lelapa lohle le be ’moho bakeng sa ho buisana ka temana ea letsatsi, le sa e lumelle hore e be ketsahalo e etsoang ka mokhoa o sa reroang esale pele? Ho molemo ha ho qaloa letsatsi ka ho nahana ka temana ea Bibele. Bethele le mahaeng a baromuoa lefatšeng ka bophara, letsatsi le qaloa ka borapeli ba hoseng, bo kopanyelletsang puisano e khutšoaane ea temana ea letsatsi. Sena se thusa baena hore ba qale letsatsi hantle, hore letsatsi ka leng ba nahane ka likhopotso tsa Jehova.—Pes. 1:1, 2; Ba-Fil. 4:8.
4 Malapa a Bakreste le ’ona a ka rua molemo lipuisanong tsa hoseng tsa Bibele. Bana ba ka thusoa hore ba sebetsane le litšoso tse etsoang bomoeeng ba bona tseo ba teanang le tsona sekolong. Haeba ka nakoana, ho sa khonehe hore lelapa lohle le be ’moho bakeng sa ho buisana ka temana ea letsatsi, batsoali ba lokela ho nahana ka ho etsa litokisetso tse ling e le hore lelapa le se fetoe ke phepo ena ea bohlokoa ea moea. Ka mohlala, haeba ntate a tlameha ho ea mosebetsing pele bana ba tsoha hoseng, mohlomong ’mè a ka behella nako e itseng ka thōko bakeng sa ho buisana le bana ka temana ea letsatsi. Ka lehlakoreng le leng, malapa a mang a lokisetsa ho buisana ka temana ea letsatsi mantsiboea kaha ka nako eo litho tsohle li teng. Lelapa ka leng le ka etsa kemiso e lokelang maemo a lona hantle.
5 Lijo tsa moea tsa letsatsi le letsatsi ke tsa bohlokoa bakeng sa lelapa la Bakreste. Etsang hore ho hlahloba temana ea letsatsi e be ntho e nkang sebaka sa pele. (Ba-Fil. 1:10) Ho buisana ka temana ea Bibele letsatsi ka leng ho tla re thusa hore re tšoarelle litekanyetsong tse lokileng tsa Jehova le melaong ea hae. Tšebelisano-’moho ea setho ka seng sa lelapa e tla etsa hore tokisetso ena e tsoele bohle molemo.