Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 February leq. 7
  • Na Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ho U Tsoela Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ho U Tsoela Molemo?
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lijo Tsa Moea Tsa Letsatsi le Letsatsi—Li Bohlokoa Bakeng sa Lelapa la Bokreste
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Kemiso ea Lelapa—Temana ea Letsatsi
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lihlooho Tsa Malapa—E-bang le Kemiso e Hlophisehileng ea Lintho Tsa Moea
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Etsa Kemiso ea Lelapa e Sebetsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 February leq. 7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Na Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ho U Tsoela Molemo?

Na lintho tseo u li etsang letsatsi le letsatsi e le hore u atamele haufi le Jehova li akarelletsa ho bala temana ea letsatsi le tlhaloso ea eona? Mohlomong u ka itloaetsa ho e bala haeba ha se ntho eo u e etsang. Batho ba bangata ba bala temana ea letsatsi hoseng e le hore ha ba ntse ba etsa mesebetsi ea bona ba lule ba nahana ka eona. (Jos 1:8; Pes 119:​97) U ka rua molemo haholoanyane joang ha u bala temana ea letsatsi? Bala litemana tse potolohileng temana eo e le hore u e utloisise. Leka ho nahana ka mohlala o ka Bibeleng o buang ka temana eo. Sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona ha u ntse u bala. U tla fumana melemo haeba u lumella Lentsoe la Molimo hore le u tataise ha u etsa liqeto.​—Pes 119:​105.

Malapa a Bethele lefatšeng ho pota, a bala temana ea letsatsi nakong ea lijo tsa hoseng. Morao tjena, mananeo ana a temana ea letsatsi a se behoa ho Khaso ea JW tlas’a MANANEO A KHETHEHILENG. U qetetse neng ho shebella mananeo aa? A mang a mananeo ana a bua ka lintho tse u amang ka ho toba. Mohlala, tlaleho e buang ka Lota e ka u thusa joang ha u etsa liqeto?

SHEBELLANG VIDEO EA LE SE KE LA RATA LEFATŠE (1JO 2:​15), EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Temana ee ea letsatsi e thehiloe molao-motheong ofe oa Bibele?

  • Tlaleho ea Lota e re ruta’ng mabapi le likotsi tse ka bang teng haeba motho a rata lefatše kapa lintho tse ho lona? ​—Gen 13:​12; 14:​12; 19:​3, 12, 13, 24-26

  • Re ka bontša joang hore re rata Jehova eseng lefatše le lintho tse ho lona?

Mor’abo rona o ntse a nahanisisa ka temana ea letsatsi le ka tlhaloso ea eona. 1. Ha a ntse a bala, o iketsetsa setšoantšo sa ha lengeloi le ntša Lota le lelapa la hae Sodoma. 2. Ha a ntse a e-ja mosebetsing, o nahanisisa ka temana ea letsatsi eo a e balileng hoseng. 3. Mantsiboea ha a le hae a ntse a mena liphahlo, o nahanisisa ka seo a se balileng hoseng.

Nka bontša joang hore ke nka Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa ka linako tsohle?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela