Etsa Kemiso ea Lelapa e Sebetsang
1 Jesu o ile a phehella bamameli ba hae Thutong ea Thabeng a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae.” (Mat. 6:33) Ho ba le kemiso e ngotsoeng ke tsela e sebetsang ea ho rera mesebetsi ea lelapa e le hore lintho tsa moea li etelletsoe pele. Ak’u nke metsotso e seng mekae ho iketsetsa kemiso ea lelapa ea beke le beke, u sebelisa kemiso e sa ngoloang letho e leqepheng la 6 la kenyelletso ena. E le mosebetsi oa lelapa, ba bang ba ka ’na ba rata ho seha likarolo tse fapa-fapaneng ebe ba li khomaretsa kemisong ea bona. Ba bang ba ka ’na ba rata ho ingolla mesebetsi e fapa-fapaneng kemisong ea bona.
2 Kemiso e fanoeng e le mohlala ka tlaase mona e ka ’na ea u thusa ha u iketsetsa kemiso ea hao. U tla hlokomela hore e kopanyelletsa mesebetsi e mene feela e tloaelehileng: (1) ho ea libokeng tsa phutheho, (2) tšebeletso ea tšimo ea lelapa, (3) thuto ea lelapa le (4) ho tšoara temana ea letsatsi. Ho kopanyelletsa lintho tsena kemisong ea hao ho ka u thusa ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafil. 1:10) Litlhahiso tse ling mabapi le lintlha tsena tse ’nè li hlaha leqepheng la 4-5.
3 Hase hore kemiso ea hao ea lelapa e ka kopanyelletsa mesebetsi eo e mene feela. Haeba le lokisetsa liboka tse itseng le le lelapa, ngolang seo kemisong ea lōna. Haeba le bala karolo e itseng ea Bibele le le hammoho ka mor’a ho tšoara temana ea letsatsi kapa ka nako e ’ngoe, bontšang seo kemisong ea lōna. Haeba le tloaetse ho ba le boikhathollo bo itseng ba lelapa, le ka ’na la rata ho kopanyelletsa seo kemisong ea lōna.
4 Feto-fetolang kemiso ea lōna ea lelapa hore e lumellane le litlhoko le maemo a bohle ka lapeng. Nako le nako hlahlobang hore na le sebetsa joang ’me le etse liphetoho moo ho hlokahalang.
[Chate e leqepheng la 3]
Mohlala oa Kemiso ea Lelapa
Hoseng Thapama Mantsiboea
Sun. Temanaea Letsatsi
Tšebeletso ea Puo ea Phatlalatsa
Tšimo ea Lelapa le Thuto ea
Molula-Qhooa
Mon. Temanaea Letsatsi Thuto ea Lelapa
Tues. Temanaea Letsatsi Thuto ea Buka
ea Phutheho
Wed. Temanaea Letsatsi
Thurs. Temanaea Letsatsi Sekolo sa
Tšebeletso sa
Puso ea Molimo
le Seboka sa
Tšebeletso
Fri. Temanaea Letsatsi
Sat. Temanaea Letsatsi
Tšebeletso ea
Tšimo ea Lelapa
(Letsatsi la
Limakasine)
[Chate e leqepheng la 6]
Kemiso ea Lelapa
Hoseng Thapama Mantsiboea
Sun.
Mon.
Tues.
Wed.
Thurs.
Fri.
Sat.
.................................................................
Temanaea Temanaea Temanaea Temanaea Temanaea Temanaea Temanaea
Letsatsi Letsatsi Letsatsi Letsatsi Letsatsi Letsatsi Letsatsi
Puo ea Sekolo Thuto ea Thuto ea Tšebeletso ’Malo oa Boikha-
Phatla- sa Buka ea Lelapa ea Tšimo Bibele thollo
latsa le Tšebe- Phutheho ea Lelapa oa ba
Thuto ea letso Lelapa Lelapa
Molula- sa Puso
Qhooa ea
Molimo
le Seboka
sa
Tšebeletso