Kamoo re ka Ntlafatsang Tsebo ea Rōna ea ho Beha Mabaka
1 Tlhaloso e ’ngoe ea poleloana “ho beha mabaka” ke “ho buisana le motho e mong e le hore u ka susumetsa liketso tsa hae kapa maikutlo a hae.” E le hore u ka ntlafatsa ho atleha ha hao tšebeletsong, ho hlokahala hore u hlaolele tsebo ea ho behelana mabaka le bao u kopanang le bona. (Lik. 17:2-4) Empa u ka ntlafatsa tsebo ee joang?
2 Ho Qala ka ho Thuisa: Ha u ithuta linnete tsa Bibele, u tla ho fumana ho thusa ho nahana ka boitsebiso boo. Haeba ho bonahala lintlha tse itseng li batla li tebile haholoanyane, iphe nako ea ho fuputsa le ho thuisa ka likarabo tsa tsona. Batla ho utloisisa ka ho hlakileng eseng feela litlhaloso tse fanoeng empa hape le mabaka a Mangolo a litlhaloso tseo.
3 Ho Ameha ho Lokisetsa Tšebeletso: Nahana kamoo u tlang ho hlalosetsa batho ba mefuta e sa tšoaneng ’nete kateng. Lokisetsa lipotso tse fatang maikutlo ho susumetsa thahasello. Fumana mokhoa oa ho hokahanya ntlha ea Mangolo le mabaka holim’a taba eo. Lebella likhanyetso tse ka ’nang tsa phahamisoa, ’me u nahane ka mokhoa oa ho li tšohla. Totobatsa ntlha e tlang ho sebetsa hamolemo sengoliloenng seo ho fanoang ka sona.
4 Latela Mohlala oa Jesu: Jesu o behile mohlala o molemohali oa ho atleha ho beha mabaka ka Mangolo. E le ho seka-seka kamoo a neng a ruta kateng, hlahloba tlaleho e fumanoang ho Luka 10:25-37. Hlokomela mehato ena: (1) Lebisa tlhokomelo ka ho toba Mangolong ha u araba lipotso tsa batho. (2) Ba meme hore ba itlhalose, ’me u ba babatse ha ba fane ka litlhaloso tse bontšang ho lemoha. (3) Etsa bonnete ba hore kamano pakeng tsa potso le Mangolo e bolokoa e hlakile. (4) Sebelisa papiso e ipiletsang pelong ho tiisa hore bohlokoa ba sebele ba karabo eo boa utloisisoa.—Bona Molula-Qhooa oa March 1, 1986, leqepheng la 27-8, serapa sa 8-10.
5 Sebelisa Thulusi eo re e Filoeng: Ho Bea Mabaka ka Mangolo e ile ea hatisoa e le buka ea tšebeletso ea tšimo. Likenyelletso tsa eona, likarabelo tsa eona ho ba ka ’nang ba khaoletsa moqoqo le lintlha tsa ho beha mabaka li re thusa ho hlaolela tsebo ea ho beha mabaka. Buka ea Ho Bea Mabaka ke thulusi ea bohlokoa eo re lokelang ho e nka kamehla ha re e-ea tšebeletsong ’me re se ke ra tsilatsila ho e sebelisa ha re buisana ka Bibele. Hlahloba leqephe la 7-8 bukeng ena ho bona mokhoa oa ho e sebelisetsa molemo o moholohali.
6 Ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho beha mabaka ho tla phahamisa tsebo ea hao mosebetsing oa ho bolela le ho ruta. Sena se tla fella ka mahlohonolo a enneng ho uena le ho bao u kopanang le bona tšebeletsong.