Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo
Karolo 2: Ho Haha Cheseho
1 Ho bonolo ho chesehela mosebetsi haeba re o thabela. Hape ke ’nete hore hangata motho o thabela ho etsa ntho eo a itokiselitseng eona. Hoo ka sebele ke ’nete tabeng ea ho phethahatsa tšebeletso ea rōna ka botlalo.—2 Tim. 4:5, NW.
TOKISETSO EA HLOKAHALA
2 Cheseho ea rōna tšebeletsong ea tšimo e amana ka ho toba le hore na re itokiselitse hantle hakae le hore na re ea tšebeletsong hangata hakae. Ka mohlala, haeba motho eo re teanang le eena tšebeletsong ea ntlo le ntlo a ipolela hore ke Momosleme, re ka re’ng? Mohoeletsi ea itokiselitseng hantle a ka ’na a arabela: “Hoo hoa thahasellisa. Ha ke e-s’o bue le Mamosleme a mangata. Empa ke balile ho hong ka lithuto tse seng kae tsa bolumeli ba lōna bukeng ena e nang le litšupiso tse fumanehang habonolo. [Phetla leqephe 23 bukeng ea Ho Bea Mabaka.] E bolela hore le lumela hore Jesu e ne e le moprofeta empa le lumela hore Mu?ammad ke eena moprofeta oa ho qetela le oa bohlokoa ka ho fetisisa. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Na u boetse u lumela hore Moshe e ne e le moprofeta oa ’nete? [Emela karabo, mohlomong o tla re e.] Na nka u bontša ka Mangolong a Halalelang seo Moshe a ileng a ithuta sona ho Molimo ka lebitso la Molimo la botho?” Joale u ka bala Exoda 6:3. Ka tsela ena, u ka qalisa puisano e thahasellisang.
3 Ba bangata ho rōna ba thatafalloa ho hopola maqephe a tobileng. Empa ka tokisetso e nyenyane le boikoetliso, re ka sebelisa karolo e bitsoang ‘Ba Khaoletsang Moqoqo’ e leng qalong ea buka ea Ho Bea Mabaka. Karolong eo ho kopanyellelitsoe maqephe a ’maloa a boitsebiso bo ka re thusang ho arabela batho ba ipolelang hore ke ba bolumeli bo itseng.
4 Buka ea Ho Bea Mabaka e boetse e na le karolo e ntle e buang ka likenyelletso. Ke hobane’ng ha u sa etse hore likenyelletso tsa hao li tšoane le tsona? Ho ka ’na ha hlokahala hore re lumellanye kenyelletso ea rōna le maemo. Qetellong ea lihlooho tse ngata tse bukeng ea Ho Bea Mabaka, ho na le karolo e reng “Haeba e Mong a re,” e fanang ka boitsebiso bo tobileng bo ka arabelang lipotso tse tobileng kapa likhanyetso tse amanang le taba eo ho buuoang ka eona. Leha ho le joalo, boitsebiso bona bohle bo botle, ke ba bohlokoa feela ho latela hore na re bo sebelisa hakae ha re lokisetsa.
KAMOO U KA LOKISETSANG KA TENG
5 Hlokomela likhatiso leha e le life tse tla tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso ’me u li nke e le hore u ka li sheba nakong eo ho buisanoang ka tsona le ha ho etsoa lipontšo. Ka tsela ena, u ka rua molemo ka botlalo ho seo ba bang ba se lokiselitseng.
6 Ho molemo ho qeta nako e itseng u itokisetsa tšebeletso. Kholiseha hore u na le lingoliloeng tseo u li hlokang. Sebelisa metsotso e seng mekae ho sheba Sehlooho sa Puisano. Hlahloba mangolo a sebelisitsoeng, ’me u hlahlobe lintlha tse thahasellisang tseo u ka li buellang tse leng likhatisong tse itseng. Ho etsa sena ’moho le le lelapa ho ka thusa haholo.
7 E-ba le linako tsa ho ikoetlisa. U ka ikoetlisa ka linako tse fapa-fapaneng—ka mor’a Thuto ea Buka ea Phutheho, meketjaneng ea boithabiso, sehlopheng sa batho bao u tsamaeang le bona ka koloi, ha le tloha ntlong e ’ngoe le ea ho e ’ngoe. Ho etsa linehelano le ho buisana le ho bontša kamoo ho ka sebetsanoang le likhanyetso e ka ba ho thabisang haholo ’me ha fana ka menyetla e metle ea ho leotsa tsebo ea rōna.
8 Ho lokisetsa ka mafolo-folo ho tla haha cheseho ea rōna bakeng sa tšebeletso e le hore re ka ba basebeletsi ba hloahloa ’me re kotule khotsofalo e thabisang.—Joh. 2:17.