Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/99 leq. 1
  • Ho Lokisetsa ho Tlisa Thabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lokisetsa ho Tlisa Thabo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo 2: Ho Haha Cheseho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Tokisetso—Senotlolo sa Katleho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Haeba ea Atleha, e Sebelise!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • “Sebeletsang Jehova ka Thabo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 7/99 leq. 1

Ho Lokisetsa ho Tlisa Thabo

1 Ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ho re tlisetsa thabo e khōlō. (Pes. 89:15, 16) Ha e le hantle, ho lokisetsa ke ntho e ka sehloohong hore re tle re khone ho ba le thabo eo ka botlalo. Ha re lokisetsa hantle, re tla finyella ho hoholoanyane, ’me ha re finyella ho hoholoanyane le thabo ea rōna e tla ba khōloanyane.

2 Sebelisa Lithulusi Tse Lokiselitsoeng: Qala ho lokisetsa ha hao ka ho bala le ho sekaseka boitsebiso bo ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hangata e fana ka linehelano tse nahanisisitsoeng hantle tse reretsoeng ho u thusa ho nehelana ka molaetsa oa ’Muso habonolo le ka tsela e atlehileng. U tla fumana mehlala ea kamoo u ka hlōlang likhanyetso tse tloaelehileng. Ho fanoa ka likhopolo tse tobileng mabapi le mokhoa oa ho etsa leeto la ho boela le atlehang, ka sepheo sa ho qala thuto ea Bibele. U na le bolokolohi ba ho sebelisa litlhahiso tsena ho isa bohōleng boo u utloang ho le bonolo hore u li sebelise. Ho phaella ho sena u na le buka ea Ho Bea Mabaka, e fanang ka likenyelletso tse sa tšoaneng hammoho le likarabelo tsa ba khaoletsang moqoqo, kahoo e u thusa ho ba ea atlehang haholoanyane maemong a mangata ao u kopanang le ’ona.

3 Hlahloba sengoliloeng seo u tla fana ka sona, ebe u khetha ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse thahasellisang tseo u ka li bontšang mong’a ntlo. Litaba tse susumelletsang motho ho nahana ka ho teba tseo u li utloileng kapa tseo u li balileng li ka ’na tsa u bulela monyetla oa ho qalisa moqoqo. Lebella likhanyetso tse tloaelehileng tseo u ka ’nang ua kopana le tsona, ’me u nahane ka lintho tse seng kae mabapi le hore na u tla arabela joang. Joale ebe u nka metsotso e seng mekae u itlhakisa ka seo u tlang ho se bua matlong.

4 E-ba Teng Sebokeng se Seng le se Seng sa Tšebeletso: Mamela ka hloko nakong ea Seboka sa Tšebeletso ha ho tšohloa, ho hlahlojoa ebile ho etsoa lipontšo tsa litlhahiso tse ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ela hloko likhopolo tseo u nahanang hore li ka kenyelletsoa nehelanong ea hao. Hopola a mang a maemo a tloaelehileng ao u kileng ua kopana le ’ona tšebeletsong, ’me u nahane litsela tseo ka tsona u ka pakang ka tsela e atlehileng. Bua ka lintho tsena le bahoeletsi ba bang pele le ka mor’a liboka.

5 U ka kholiseha hore haeba u ‘itokiselitse bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo,’ u tla putsoa ka thabo e khōloanyane le katleho mabapi le ho thusa ba bang ho fumana tsela e isang bophelong.—2 Tim. 2:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela