Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/00 leq. 1
  • “Na ke Lokela ho Falla?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Na ke Lokela ho Falla?”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ea Moo ho Nang le Tlhokahalo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Na U ka “Tšelela Macedonia”?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • “Tloha Naheng ea Heno le ho Bang ka Uena”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Litsela Tsa ho Atolosa Tšebeletso ea Hao
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 10/00 leq. 1

“Na ke Lokela ho Falla?”

1 Ha ba arabela taelong ea Jesu ea hore “e-eang . . . le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,” bahlanka ba bangata ba inehetseng ba Jehova ba falletse ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. (Mat. 28:19) Ba etsisa Pauluse, ea ileng a arabela pitsong e reng: “Tšelela Macedonia ’me u re thuse.” (Lik. 16:9) See se ka etsoa joang ka tsela e sebetsang?

2 Tsoela Pele ka Mohato ka Mong ka Nako: Na ho na le tšimo e sebetsoang seoelo phuthehong ea heno? Haeba ho joalo, u ka ’na ua tsepamisa boiteko ba hao libakeng tseo. Pele u etsa qeto ea ho ea kae-kae, bonana le baholo ba heno ho bona hore na ba na le boikutlo ba hore u itlhomeletse bakeng sa ho falla. U ka boetse ua botsa le molebeli oa heno oa potoloho hore na o tseba phutheho e haufinyane moo u ka atolosetsang tšebeletso ea hao teng. Ka lehlakoreng le leng, ka mor’a ho lekanyetsa litšenyehelo ka hloko, u ka ’na ua lakatsa ho nahanela ho thusa karolong e ’ngoe ea naha kapa naheng ea boahisani. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 2000 e thathamisa libaka tseo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ho tsona. Haeba ena e le takatso ea hao, uena hammoho le sehlopha sa heno sa baholo le lokela ho ngolla ofisi ea lekala u bolela hore na u thahasella ho ea sebeletsa hokae, u qaqisa litšoaneleho tsa hao tsamaisong ea puso ea Molimo. E ka ’na ea e-ba bohlale ho etela sebaka seo pele u etsa qeto ea hore u fallela moo kapa che.

3 E-ba Hlokolosi ka ho Falla: Palo e ntseng e eketseha ea barab’abo rōna e fallela linaheng tse ling kahobane ba batla bophelo bo molemonyana kapa ba baleha khatello. Ho sa le joalo, ba bang ba oetse lerabeng la batho ba sa tšepahaleng ba tšepisang ho ba thusa hore ba tsitse naheng e ncha empa e le ba inkelang chelete ea bona feela ebe ba ba lahla kherehloa. Kahoo boemo ba bajaki bana e ba bo bobe ho feta ha ba ne ba le ha habo bona. Ba ka ba ba kōpa barab’abo rōna hore ba ba fe bolulo ’me ba ba thuse ka litsela tse ling, ba imetsa malapa a mang a Bakreste ba ntseng ba loana le mathata le maima a bona. Litho tse ling tsa malapa li ’nile tsa aroloa ho tse ling, ’me malapa a ’nile a fokolisoa moeeng ka lebaka la ho falla ho sa nahaneloang.—1 Tim. 6:8-11.

4 Haeba u batla ho falla ka lebaka la molemo oo o u fumanang, lula u hopola hore ho sa tsotellehe hore na u phela hokae, ho na le mathata ao ho tlamehang ho tobanoa le ’ona. Ho bonolo ho hlōla mathata moo u seng u ntse u tseba puo le setso sa teng, ho e-na le ho qala bocha tikolohong eo u sa e tloaelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela