Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/00 leq. 1
  • “Lentsoe le Builoeng ka Nako e Nepahetseng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Lentsoe le Builoeng ka Nako e Nepahetseng”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qoqa ka Lintho Tse Tloaelehileng
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Tsebo ea ho Qoqa Kateng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Filipi o Kolobetsa Molaoli oa Moethiopia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 11/00 leq. 1

“Lentsoe le Builoeng ka Nako e Nepahetseng”

1 Na ho arolela ba bang molaetsa oa bophelo ke phephetso ho uena? Na u na le maikutlo a hore u tlameha ho bua ntho e itseng e bontšang bokheleke e le hore u ka khahla bamameli ba hao? Ha Jesu a ne a roma balateli ba hae, o ile a ba bolella: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’” (Mat. 10:7) Molaetsa oo o ne o sa rarahana ’me o le bonolo ho o arolela ba bang. Le kajeno o ntse o le joalo.

2 Hangata ho hlokahala mantsoe a seng makae feela ho qala moqoqo. Ha Filipi a ne a kopana le leqhalaha la Moethiopia, o ile a le botsa: “Na ha e le hantle u tseba seo u se balang?” (Lik. 8:30) “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng” le ile la fella ka moqoqo o putsang hakaakang!—Liprov. 25:11, NW.

3 U ka sebelisa katamelo e tšoanang tšebeletsong ea hao. Joang? Ka ho ba hlokolosi le ka ho khetha mantsoe a loketseng maemo. Botsa potso, ebe u mamela karabelo.

4 Lipotso Tse Ling Tsa Motheo: Ho qala moqoqo, u ka ’na ua leka leha e le efe ea lipotso tsena:

◼ “Na u sebelisa Thapelo ea Morena (kapa, Ntat’a Rōna) borapeling ba hao?” (Mat. 6:9, 10) Pheta karolo e itseng, ebe joale u re: “Batho ba bang baa botsa, ‘Lebitso la Molimo leo Jesu a itseng le lokela ho halaletsoa ke lefe?’ Ba bang baa botsa, ‘’Muso oo Jesu a itseng re o rapelle ke eng?’ Na u se u fumane likarabo tse khotsofatsang lipotsong tsee?”

◼ “Na u kile ua ipotsa: ‘Morero oa bophelo ke ofe?’” Bontša hore o amana le tsebo ea Molimo.—Moek. 12:13; Joh. 17:3.

◼ “Na u nahana hore lefu le tla ke le felisoe?” Sebelisa Esaia 25:8 le Tšenolo 21:4 ho fana ka karabo e tšepahalang.

◼ “Na ho na le tharollo e bonolo moferefereng o teng lefatšeng?” Bontša hore Molimo o ruta hore “u rate moahelani.”—Mat. 22:39.

◼ “Na tlokotsi ea lefatše lohle e tla timetsa lefatše la rōna ka letsatsi le leng?” Mo arolele tšepiso ea Bibele ea hore lefatše le tla ba teng ka ho sa feleng.—Pes. 104:5.

5 Hlahisa litaba tse molemo ka mokhoa o bonolo, o tobileng le ka ho sebelisa katamelo e mosa. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho arolela ba bang esita le “lentsoe” la ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela