E-ba Momameli ea Molemo
1 Ho hlokahala ho itaea hore motho a mamele ka hloko. Ho boetse ho hlokahala hore momameli a lakatse ho ithuta le ho rua molemo ho seo a se utloang. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a hatisa bohlokoa ba ho ‘ela hloko kamoo u mamelang kateng.’—Luka 8:18.
2 Sena se sebetsa haholo-holo ha re e-ea libokeng tsa phutheho, likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Tsena ke linako tseo re tlamehang ho mamela ka hloko ho tsona. (Baheb. 2:1) Lintlha tse ling ke tsena tse tla u thusa ho ba momameli ea molemo libokeng tsena tsa Bokreste.
◼ Ananela bohlokoa ba liboka. Ke tsela e ka sehloohong eo re “rutoang ke Jehova” ka “motsamaisi ea tšepahalang.”—Esa. 54:13; Luka 12:42.
◼ Lokisetsa esale pele. Hlahloba boitsebiso bo tlang ho tšohloa, ’me u etse bonnete ba hore u tla le Bibele ea hao le sengoliloeng se ithutoang.
◼ Nakong ea liboka, etsa boiteko bo khethehileng ba ho tsepamisa mohopolo tabeng. Ho bua le ba lutseng le uena hammoho le ho sheba seo ba bang har’a bamameli ba se etsang ho lokela ho qojoa. Leka hore u se ke ua sitisoa ke ho nahana ka seo u tlang ho se etsa ka mor’a liboka kapa ka litaba tse ling tsa botho.
◼ Hlahlobisisa seo ho buuoang ka sona. Ipotse: ‘See se sebetsa joang ho ’na? Ke tla se sebelisa neng?’
◼ Ngola lintlha tse khōlō ka bokhutšoanyane le litemana tsa mangolo. Sena se u thusa hore u tsepamise mohopolo ho seo ho buisanoang ka sona ’me se tlatletsa hore u hopole lintlha tsa sehlooho tseo u tla li sebelisa hamorao.
3 Ruta Bana ba Hao ho Mamela: Bana ba hloka taeo ea moea. (Deut. 31:12) Mehleng ea boholo-holo “bohle ba ka bang le kelello ea ho utloisisa” har’a batho ba Molimo ba ile ba tlameha ho mamelisisa ha ba balloa Molao. (Neh. 8:1-3) Haeba batsoali ba kopanetse libokeng ’me ba mamela ka hloko, ho ka etsahala hore le bana ba bona ba etse se tšoanang. Hase bohlale ho tlisetsa bana lintho tsa ho bapala le libuka tse takoang e le ho thabisa bana. Ho ea matloaneng ho sa hlokahale le hona ho ba sitisa ho mamela. Kaha “bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana,” batsoali ba lokela ho ikitlaetsa ka matla ho bona hore bana ba bona ba lula ba tsitsitse ’me baa mamela libokeng.—Liprov. 22:15.
4 Ka ho ba bamameli ba molemo, re paka hore kannete re bohlale ’me re batla ho ‘amohela taeo e eketsehileng.’—Liprov. 1:5.