E-ba Moetsi ea Thabileng
1 Jesu o ile a re nakong ea boteng ba hae, boholo ba batho bo ne bo ke ke “ba elelloa,” feela joaloka mehleng ea Noe. (Mat. 24:37-39) Joale, ho lebeletsoe hore batho ba bangata ba ke ke ba mamela litaba tse molemo tsa ’Muso. Ke eng e ka re thusang ho lula re thabile ha re phetha tšebeletso ea rōna?—Pes. 100:2.
2 Ntlha ea pele, ho hlokahala hore re hopole hore molaetsa oa rōna le thōmo ea rōna ea ho bolela li tsoa ho Molimo. Ho se arabele leha e le hofe tšebeletsong, ho sa tsotellehe boiteko ba rōna bo boholohali, ha e le hantle ke ho hana Jehova. Ho hopola hore o amohela ho tšepahalla ha rōna ho bolela ho tla re thusa hore re lule re thabile ’me re e-na le nyakallo ea ka hare re le baetsi ba lentsoe la Molimo.—Jak. 1:25.
3 Ntlha ea bobeli, ho sa ntse ho e-na le batho ba tlang ho amohela mekhoa ea Jehova ea poloko. Le hoja e ka ’na eaba ba bangata ha ba thahaselle, ho sa ntse ho e-na le ba bangata ba kang linku ba lokelang ho bokelloa, le hona joale, moo re keneletseng hare nakong ea bofelo. Ho hlokahala re tsoele pele re bolela, re ee “motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe” ’me re “batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang.”—Mat. 10:11-13.
4 Lula U E-na le Boikutlo bo Nepahetseng: Tlaleho e sisimosang ea bolumeli ba bohata e entse hore ba bang ba felloe ke tšepo. Ba bang ba ’nile ba ‘sohlokoa le ho qhalakangoa’ ke tsamaiso ena ea lintho. (Mat. 9:36) Ba bangata ba ka ’na ba seleballoa ka lebaka la ho hloka mosebetsi, bophelo bo botle le tšireletseho. Ho utloisisa sena ho tla re thusa ho tiisetsa mosebetsing oa rōna. Ikemisetse ho qala moqoqo o tobang lintho tseo batho ba amehileng haholo ka tsona tikolohong ea habo rōna. Ba thuse ho bona hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tharollo. Sebelisa Mangolo le lintlha tse tobileng tse lingoliloenng ho finyella lipelo tsa bona ka litaba tse molemo.—Baheb. 4:12.
5 Baetsi ba thabileng ba lentsoe la Molimo kamehla baa hopola hore: “Thabo ea Jehova ke matla a [rōna].” (Neh. 8:10) Ha ho hlokahale hore re lahleheloe ke thabo. “Haeba ntlo eo e tšoaneleha, khotso ea lōna eo le e lakaletsang eona a e be ho eona; empa haeba e sa tšoanelehe, khotso e tsoang ho lōna e ke e khutlele ho lōna.” (Mat. 10:13) Jehova o nchafatsa thabo ea rōna le matla a rōna ha re ntse re mamella ka tiisetso tšebeletsong ea hae e halalelang, ’me o hlohonolofatsa ho tšepahala ha rōna.