Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/01 leq. 1
  • “Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Ruta ka Tsela e Susumetsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Sebelisa Bibele Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Na U Buella Lentsoe la Molimo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 5/01 leq. 1

“Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”

1 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheb. 4:12) O ne a bolela’ng ka seo? Lentsoe la Molimo le fumanoang ka Bibeleng, kapa molaetsa, le ka ba le tšusumetso e matla ho batho. Bohlale boo Bibele e nang le bona bo na le matla a ho fetola bophelo ba motho hore bo be molemo. Matšeliso le tšepo tseo e fanang ka tsona li hulela batho ho Mofani oa Bophelo, Jehova Molimo. Molaetsa oa eona u ka etsa hore ba lipelo li tšepahalang ba qalise tseleng e isang bophelong bo sa feleng. Leha ho le joalo, e le hore re bone liphello tsa sena, re tlameha ho sebelisa Bibele ha re pakela ba bang.

2 Bala Lengolo ha Monyetla o Mong le o Mong o Hlaha: Ho bonahala bahoeletsi ba bangata ba tlohetse mokhoa oa ho sebelisa Bibele matlong a batho. Na ho joalo ka uena? Kaha ho bonahala batho ba bangata ba se na nako ea moqoqo o molelele, mohlomong butle-butle u amohetse mokhoa oa ho fana ka lingoliloeng feela kapa ho buella lengolo feela. Re khothalletsa bahoeletsi bohle hore ba etse boiteko bo tiileng ba ho bala bonyane temana e le ’ngoe ea Bibele ha ba nehelana ka litaba tse molemo, ka tsela eo, motho a fuoe monyetla oa hore a bone hore molaetsa oa rōna o fela o fumanoa Lentsoeng la Molimo.

3 Le hoja e le batho ba fokolang ba itloaelitseng ho bala Bibele, ka kakaretso e sa ntse e hlomphuoa. Esita le batho ba maphathaphathe hangata ba tla fana ka motsotso kapa e ’meli hore ba mamele molaetsa o baloang ka ho toba Lentsoeng la Molimo. Ha lengolo le loketseng le baloa ka mofuthu ’me le hlalosoa ka bokhutšoanyane, matla a lentsoe la Jehova a ka ba le phello e molemo ho ea le mametseng. Empa u ka hokahanya litlhaloso tsa hao tse qalang le ho bala temana e tsoang Bibeleng joang?

4 Leka Sena Mosebetsing oa Limakasine: Molebeli e mong ea tsamaeang o atleha ho sebelisa Mangolo ha a le mosebetsing oa limakasine. O tsamaea a nkile Bibele e nyenyane a e kentse pokothong. Ka mor’a ho nehelana ka limakasine le ho buella sehlooho se itseng ka bokhutšoanyane, o phetla Bibele a sa qeaqee ’me a bale temana e lumellanang le sehlooho seo. Sena se ka etsoa ka ho botsa potso feela, “U ikutloa joang ka tšepiso ee e khothatsang?” e be joale u tsoela pele ho bala lengolo le khethiloeng.

5 Iketsetse pakane ea ho arolela momameli e mong le e mong temana e le ’ngoe kapa tse peli tse tsoang Bibeleng. Matla a eona a susumetsang a ka etsa hore batho ba eketsehileng ba hulehele ho Molimo.—Joh. 6:44.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela