Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/01 leq. 8
  • Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao sa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ela Hloko ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 6/01 leq. 8

Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao

1 Pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba rute ba bang ho “boloka” lintho tsohle tseo a neng a ba laetse tsona. (Mat. 28:19, 20) Hore motho a tle a ‘boloke’ litaelo tsa Kreste, boitsebiso bo tlameha ho finyella pelong ea hae. (Pes. 119:112) U ka susumetsa pelo ea motho eo u ithutang Bibele le eena joang?

2 Rapella Tataiso ea Jehova: Ho etsa barutuoa ke mosebetsi oa Molimo. Ke ka lebaka la tlhohonolofatso ea hae re atlehang, hase ka matla a rōna. (Lik. 16:14; 1 Bakor. 3:7) Kahoo, ke habohlokoa ho rapella thuso ea Jehova mabapi le ho ruta ba bang ’nete.—Esa. 50:4.

3 Lemoha Seo Seithuti se se Lumelang: Ho tseba seo batho ba se lumelang le hore na ke hobane’ng ba se lumela ho ka re fa temoho ea hore na re bue eng hore re tle re finyelle lipelo tsa bona. Ke hobane’ng ha seithuti se fumana thuto e itseng e ipiletsa ka ho khetheha? O kholisitsoe ke eng hore ke ntho e ka kholoang? Tsebo e joalo e ka re thusa ho bua ka temoho.—Lik. 17:22, 23.

4 Haha Mabaka a Utloahalang, a Mangolo: ’Nete e lokela ho utloahala ho seithuti. (Lik. 17:24-31) Re lokela ho fana ka lebaka le utloahalang ka tšepo ea rōna. (1 Pet. 3:15) Leha ho le joalo, kamehla re lokela ho ho etsa ka mokhoa o mosa le o bontšang mamello.

5 E Tiise ka Lipapiso: Lipapiso ha li nolofalletse seithuti feela ho utloisisa empa hape li susumetsa maikutlo. Li ama kelello le pelo. Jesu o ne a atisa ho li sebelisa. (Mar. 4:33, 34) Ha e le hantle, e le hore e tle e atlehe, papiso e sebelisoang e tlameha ho tšoanela taba e tšohloang, ’me e lokela ho amana le bophelo ba seithuti.

6 Bontša Melemo ea ho Amohela ’Nete: Batho ba batla ho tseba melemo ea ho sebelisa seo ba ithutang sona. Thusa seithuti sa hao ho bona bohlale ba mantsoe a Pauluse ho 2 Timothea 3:14-17.

7 U se ke ua nyahama haeba ba bang ba sa arabele thutong ea hao. Hase lipelo tsohle tse amohelang. (Mat. 13:15; Joh. 12:40) Leha ho le joalo, batho ba bang ba fetoha balumeli. (Lik. 17:32-34) E se eka boiteko ba hao ba ho finyella lipelo ka litaba tse molemo bo ka thusa ba eketsehileng ho amohela le ho “boloka” seo Jesu a se laetseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela