Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/01 leq. 1
  • U se ke Ua Tsilatsila!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke Ua Tsilatsila!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Kamoo re ka Bang Basebeletsi ba Beang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Hlōla Mathata a ho Bolela ka Ntlo le Ntlo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Ruri Jehova oa U Tsotella?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 7/01 leq. 1

U se ke Ua Tsilatsila!

1 Ha re itokisetsa ho ea bolela ka ntlo le ntlo, tšitiso e khōlōhali eo re tobanang le eona ke ea ho tsoa matlong a rōna. Maikutlo a ho se tšoanelehe a ka etsa hore re tsilatsile ha re lokela ho bua ka ’nete le “batho ba mefuta eohle.” (1 Tim. 2:4) Empa ha rea lokela hore re ikutloe re tsilatsila ho bolela litaba tse molemo. Hobane’ng?

2 Ke Molaetsa oa Jehova: Jehova o fetisitse molaetsa oa hae ka Bibele. Ha re isa molaetsa ona ho ba bang, re fetisa menahano ea hae, eseng a rōna. (Bar. 10:13-15) Ha batho ba hana molaetsa oa ’Muso, ha e le hantle ba hana Jehova. Leha ho le joalo, ha re nyahame. Re kholisehile hore molaetsa ona o tla etsa hore ba labalabelang phetoho maemong a lefatše ba arabele hantle hammoho le ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.—Ezek. 9:4; Mat. 5:3, 6.

3 Jehova o Hula Batho: Motho ea hanneng ho re mamela nakong e fetileng a ka ’na a re mamela hona joale hobane maemo a hae a fetohile ’me pelo ea hae e nolofetse. Joale Jehova a ka ’na a khahloa ke motho eo ’me a ‘mo hulela ho eena.’ (Joh. 6:44, 65) Ha sena se etsahala, re batla ho ba ba loketseng ho sebelisoa ke Jehova ’me re lumele ho tataisoa ke mangeloi ho fumana batho ba joalo.—Tšen. 14:6.

4 Molimo o re fa Moea oa Hae: Moea o halalelang o re nolofalletsa ho bua “ka sebete ka matla a tsoang ho Jehova.” (Lik. 14:1-3) Ha re hopola hore re na le tšehetso ena e matla tšebeletsong ea rōna, re ke ke ra tsilatsila ho bua ka ’nete le baahelani, basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona, beng ka rōna, lirutehi kapa batho ba ruileng.

5 Jesu o re Rutile Mokhoa oa ho Etsa Seo: Jesu o ne a sebelisa lipotso tse fatang maikutlo, lipapiso tse sebetsang hape a beha mabaka ka Mangolo. O ne a hlalosa ’nete ka tsela e bonolo le e ipiletsang ho tloha pelong. Ena e sa ntse e le mekhoa e molemohali le kajeno. (1 Bakor. 4:17) Maemo ao re bolelang ho ’ona a ka ’na a fapana, empa molaetsa o matla oa ’Muso oona o lula o tšoana.

6 Re na le tokelo ea ho sebelisoa ke Jehova ho thusa batho ka tsela e ikhethang le ea bohlokoa. A re se keng ra tsilatsila! E se eka re ka ba le sebete ’me re lumelle Jehova hore “a re bulele monyako oa ho bua” litaba tse molemo le ba bang.—Bakol. 4:2-4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela