Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/01 leq. 1
  • Le “Sebonoang ka Lebaleng la Liketsahalo”!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le “Sebonoang ka Lebaleng la Liketsahalo”!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Etsisa Mangeloi a Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 8/01 leq. 1

Le “Sebonoang ka Lebaleng la Liketsahalo”!

1 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Re fetohile sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho lefatše, le ho mangeloi, le ho batho.” (1 Bakor. 4:9) See se bolela eng, hona se lokela ho re ama joang tšebeletsong ea rōna kajeno?

2 Ho Mokorinthe, polelo “sebonoang ka lebaleng la liketsahalo” mohlomong e ne e mo hopotsa ketsahalo e qetellang ea litlhōlisano tsa Baroma tsa lintoa lebaleng la lipapali tseo ho tsona batho ba ahlotsoeng ba neng ba khobokanngoa ka pel’a bashebelli ba likete pele ba bolaoa ka sehlōhō. Ka tsela e tšoanang, bashebelli ba bangata—batho le mangeloi—ba ile ba bona mahlomola ao Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba feta har’a ’ona ka lebaka la ho paka ka ’Muso. (Baheb. 10:32, 33) Tsela ea bona ea ho boloka botšepehi e ile ea ama bashebelli ba bangata, feela joalokaha mamello ea rōna e ba ama kajeno. Re sebonoang ho bo-mang?

3 Ho Lefatše le ho Batho: Ka linako tse ling mecha ea litaba e phatlalatsa litlaleho ka mesebetsi ea batho ba Jehova. Le hoja re ananela litlaleho tse ntle tseo e leng linnete le tse hlokang leeme ha li etsoa ka mosebetsi oa rōna, re boetse re lebeletse hore nako le nako bakhelosi ba jale litlaleho tse mpe. Leha ho le joalo, re tlameha ho tsoela pele re ipuella re le basebeletsi ba Molimo “ka tlaleho e mpe le tlaleho e ntle.” (2 Bakor. 6:4, 8) Ho bashebelli ba lipelo li tšepahalang, hoa hlaka hore re barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste.

4 Ho Mangeloi: Libōpuoa tsa moea le tsona li re shebeletse. Diabolose le bademona ba hae ba shebeletse—empa ba “halefile haholo,” ba batla ho thibela “mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (Tšen. 12:9, 12, 17) Mangeloi a tšepahalang a Molimo a shebeletse ’me aa thaba ha ho baka moetsalibe le ha a le mong. (Luka 15:10) Ho lokela ho re matlafatsa ho tseba hore mangeloi a talima tšebeletso ea rōna e le mosebetsi o potlakileng ka ho fetisisa le o molemo o etsoang lefatšeng kajeno!—Tšen. 14:6, 7.

5 Ha u tobana le khanyetso kapa u nahana hore tšebeletso ea hao ha e hlahise litholoana, hopola hore tlhokomelo e lebisitsoe ho uena. Ho mamella ha hao ka botšepehi ho senola ho hoholo ka uena. Qetellong, ‘ntoa ea hao e ntle ea tumelo’ e tla u nolofalletsa hore “u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng.”—1 Tim. 6:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela