Na U Sebelisa Seo U Ithutileng Sona Kopanong ea Setereke ea “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo”?
1 Mang kapa mang ea bileng teng kopanong ea setereke ea 2001/2002 o ne a ka bona hore batho ba Jehova ba ikemiselitse ho phetha mosebetsi oa bona oa ho ba mesuoe ea Lentsoe la Molimo. (Mat. 28:19, 20) Ha u khutlela hae, u ne u ikemiselitse ho sebelisa lintlha life tsa taeo bophelong ba hao le tšebeletsong ea tšimo?
2 Mangolo a Bululetsoeng a Molemo Bakeng sa ho Ruta: Sehlooho sa letsatsi la pele se ile sa totobatsa 2 Timothea 3:16. Puo ea sehlooho e ile ea bontša hore e le hore re ka “Hlomelloa ka ho Feletseng re le Mesuoe ea Lentsoe la Molimo,” re lokela ho hlompha Lentsoe la Molimo haholo, ho feta likhopolo leha e le life tsa batho kapa litloaelo, ’me re le sebelise ka botšepehi. Hape re lokela ho rapella moea o halalelang letsatsi le letsatsi hore o re thuse tšebeletsong le mosebetsing oa rōna hore re hlaolele tholoana ea oona e ka sehloohong—e leng lerato. Re lokela ho lumella mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng hore o re koetlise ka liboka tsohle tsa phutheho hore re be basebeletsi.
3 Neheletsano ea Labohlano e reng, “Ho Ithuta ha re Ntse re Ruta ba Bang,” e ile ea hlalosa hore re lokela ho ba mehlala tabeng ea (1) ho khomarela melao ea Molimo litšobotsing tsohle tsa boitšoaro ba Bokreste, (2) ho tsoela pele ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta le (3) ho felisa boikutlo le boemo ba pelo le kelello boo Diabolose a ka bo sebelisang. Ka mor’a moo re ile ra ithuta litsela tse sebetsang tsa ho sireletsa malapa a rōna seoeng sa lefatše sa litšoantšo tsa bootsoa. Batsoali ba ile ba phehelloa hore ba behe mohlala ka hore ba qobe esita le ho habanya litšoantšo tsa batho ba kopanelang likobo ’me ba lokela ho beha leihlo tšebeliso ea bana ba bona ea Internet le mekhoa ea bona ea ho shebella thelevishene. Ke lintlha life tsa lenaneo la Labohlano tseo u qalileng ho li sebelisa?
4 Puo ea ho qetela ea letsatsi leo e ile ea matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho ananela leseli la Jehova, ho lula haufi le sehlopha sa batlotsuoa ba Molimo ba tšepahalang, le ho tlatsetsa khotsong ea batho ba Jehova. Na u qalile ho bala tokollo e ncha ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho II?
5 Ho Tšoaneleha ka ho Lekaneng ho Ruta ba Bang: Temana ea sehlooho ea letsatsi le latelang e ne e le 2 Timothea 2:2. Ha u ntse u mametse neheletsano ea hoseng ka Moqebelo, na u ile ua hlokomela litlhahiso tse entsoeng ka tsela ea (1) ho batla ba tšoanelehang, (2) ho hlaolela thahasello ea bona le (3) ho ba ruta ho hlokomela sohle seo Kreste a se laetseng? Na u sebelisa seo u ithutileng sona—e leng ho bontša beng ba matlo bonyane ntlha e le ’ngoe ka Mangolong le ho rala motheo bakeng sa leeto le latelang?
6 Lenaneo la mantsiboea le ile la hatella bohlokoa ba ho etsisa Mosuoe e Moholo, Jesu. U loanela ho tšoana le eena haholoanyane ka litsela life? Ho seo u ithutileng sona neheletsanong ea bobeli letsatsing leo, u ikutloa hore ke joang u tla “Rua Molemo o Feletseng Thutong ea Puso ea Molimo”? U sebelisitse litlhahiso life e le hore u lelefatse nako eo u e qetang u tsepamisitse mohopolo nakong ea thuto ea botho le libokeng tsa phutheho?
7 Ntle ho pelaelo, tokisetso e tlang ea buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e tla re thusa ho hōla matleng a rōna re le libui le mesuoe ea Lentsoe la Molimo. Ho tla lebisoa tlhokomelo e khōloanyane litšobotsing tsa ho bua tse neng li khetholla bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele. Thuto ka ’ngoe bukeng ena e ncha e na le mabokose a bontšang ka ho toba seo ho hlokahalang hore re se etse, lebaka leo ka lona se leng bohlokoa le mokhoa oa ho se etsa. Ho na le boitlhakiso bo sebetsang bo kenyelelitsoeng. Ho tla ba le maemo a 29 ao baralib’abo rōna ba ka khethang ho ’ona ha ba fana ka lipuo tsa bona. Ka mor’a nako e itseng, liphetoho tse boletsoeng li tla etsoa tokisetsong ea sekolo. Na u na le kemiso e ntle ea ho ithuta le ho lokisetsa e le hore u rue molemo o feletseng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo beke ka ’ngoe?
8 E-bang Mesuoe ka Lebaka la Nako: Baheberu 5:12 e ile ea lokisetsa likelello tsa bamameli lenaneo la Sontaha. Neheletsano ea hoseng e reng, “Boprofeta ba Malakia bo re Hlomella Bakeng sa Letsatsi la Jehova,” e ile ea re phehella ho fa Molimo se molemohali seo re nang le sona le ho hloea mefuta eohle ea bolotsana e le hore re ka pholoha letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova. Tšoantšiso ka sehlooho se reng, “Hlompha Bolaoli ba Jehova,” e bontšitse ka matla kamoo boikhohomoso, takatso e matla ea bophahamo, mōna, le ho tšepahala ha Kora le metsoalle ea hae bathong bao ba sa tšoanelang ho tšepahala ho bona li ileng tsa lebisa liketsong tsa borabele bo feletseng khahlanong le Jehova. Puo e ileng ea latela e ne e lebisitse tlhokomelo ho se hlokahalang kajeno e leng ho ikokobelletsa bolaoli ba bomolimo ka lapeng le phuthehong. Puo ea phatlalatsa ea sehlooho se reng, “Ke Bo-mang ba Rutang Lichaba Tsohle ’Nete?,” e ile ea fana ka bopaki ba hore Lipaki tsa Jehova li etsa joalo, ho fapana le Bokreste-’mōtoana, bo bolelang ka molomo hore bo ruta ’nete ea Bibele.
9 Ho hlakile hore Jehova o re koetlisetsa ho ba mesuoe e molemo ea Lentsoe la hae. A re sebeliseng seo re ithutileng sona, ‘re ikele hloko kamehla ’me re ele hloko le ho ruta ha rōna, e le hore re ipholose ’me re pholose le ba re mamelang.’—1 Tim. 4:16.