U Iphepa Hantle Hakae Moeeng?
1 Ho na le polelo e reng ‘Re seo re leng sona ka lebaka la seo re se jang.’ Ka sebele, matla a rōna ’meleng le bophelo ba rōna bo botle li angoa ke mokhoa oo re jang ka oona. Kaha Jesu o itse: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova,” ka ho tšoanang, mokhoa oo re jang ka oona moeeng o re ama hamolemo kapa hampe. (Mat. 4:4) Ka lebaka leo, u iphepa hantle hakae moeeng? Na u motho ea khetha-khethang lijo? Na u ja u potlakile? Kapa na u thabela ho ja u iketlile lijo tsa moea tsa kamehla tse itekanetseng le tse matlafatsang?
2 Hlahlobisisa Seo U se Jang: Jehova o lokisetsa ‘lijo ka nako e tšoanetseng’ le “mokete oa lijo tse nang le oli e ngata,” ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45; Esa. 25:6) E le hore re ka rua molemo o feletseng litokisetsong tsena tse lerato, re lokela ho leka ho iphepa hantle moeeng.
3 U ka ’na ua ipotsa: ‘Na ke bala temana ea letsatsi le tlhaloso ea eona letsatsi le letsatsi? Na ke bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho thuisa ka eona? Na ke lokisetsa liboka tsa phutheho ka ho ithuta taba eo li e jereng esale pele? Na ke se ke qetile ho bala lingoliloeng tsa morao-rao, ho akarelletsa le Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I?’
4 Jesu o ile a tšepisa: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea . . . Ho thaba ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, kaha ba tla khorisoa.” (Mat. 5:3, 6) Ka lebaka leo, iphepe hantle moeeng ka ho tlatsa kelello le pelo ea hao ka tsebo ea Molimo.