“Limpho Tseo e Leng Banna” li Alosa Mohlape oa Molimo ka Tabatabelo
1 Jehova o entse tokisetso e lerato hakaakang ka Mora oa hae ka ho lokisetsa “limpho tseo e leng banna”! (Baef. 4:8, 11, 12) Ba na le boikarabelo bo bongata, ho akarelletsa ho alosa mohlape oa Molimo ka mafolofolo le ka tabatabelo. (1 Pet. 5:2, 3) Kaofela ha rōna re rua molemo tokisetsong ena eo re e hlokang haholo. Ebang ba bang ba thulana le mathata, ba sa tsoa kopanela, ba na le mefokolo e itseng, kapa ba khelohile, banna bana ba thahasella boiketlo ba moea ba bohle.—Bafil. 2:4; 1 Bathes. 5:12-14.
2 Ha maemo a lefatše a tšoenyang a baka tšabo e itseng, balisa bana ba tlaasana ba ba joaloka “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.” Ha re tepeletse kapa re imetsoe ’me re batla khothatso, baa re khatholla, “joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi” kapa “joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.”—Esa. 32:2.
3 Ho Khothatsa ba Seng ba sa Kopanele Tšebeletsong: Baholo ba etsa boiteko bo khethehileng ba ho khothatsa ba sa kopaneleng kamehla tšebeletsong kapa ho hang ha ba sa kopanela tšebeletsong, ba ba thusa hore ba boele ba kopanele kamehla mesebetsing eohle ea phutheho. Maeto a bolisa a etsoang ka lerato a thusitse ba bangata ho kopanela libokeng tsa phutheho kamehla le hore ba ahuoe moeeng ho fihlela ba kopanela tšebeletsong ea tšimo hape. Boiteko bohle bo joalo bo etsoang ke baholo bo bontša tlhokomelo e lerato ea Jehova le boeta-pele ba Jesu Kreste bo sehlahlo. O behile mohlala oa hore ho bontšoe kameho e joalo nkung efe kapa efe eo e ka ’nang eaba e khelohile kapa e lahlehile.—Mat. 18:12-14; Joh. 10:16, 27-29.
4 Balisa ba tlaasana ba batla matšoao a bontšang ha ho etsahala hore ba bang ba thekesele moeeng. Mang kapa mang ea bontšang matšoao a ho nyahama, ea sa kopaneleng kamehla libokeng, kapa ea khoehlisang tšebeletsong ea tšimo ho ka etsahala hore o hloka thuso ea moea. Baholo ba thahasella ho thusa mang kapa mang ea qalang ho bonahatsa tšekamelo ea ho apara le ho itlhopha ka tsela ea lefatše kapa ea ho tšoaea-tšoaea liphoso ka phuthehong. Ka thahasello ea sebele le lerato le mofuthu, balebeli ba nang le kameho ba ikemisetsa ho ‘fana ka meea ea bona’ ha ba leka ho thusa ba joalo ho tsosolosa lerato la bona bakeng sa Jehova.—1 Bathes. 2:8.
5 Nakong e fetileng, Bakreste ba bang ba inehetseng ba tlohetse ho kopanela phuthehong, ba khutlela ho khathaleng moeeng hobane ba sithabelitsoe ke ho kula, mathata a lichelete, kapa mathata a lelapa. Ba sa tšoaee liphoso, baholo ka mosa ba fana ka kholiseho ea hore Jehova o hlokomela linku tsa hae ’me o tla li hlokomela linakong tse boima. (Pes. 55:22; 1 Pet. 5:7) Balisa ba mohlape ba falimehileng ba ka ba thusa ho hlokomela hore haeba ba ‘atamela ho Molimo, o tla atamela ho bona,’ a ba khothatse le ho ba khatholla.—Jak. 4:8; Pes. 23:3, 4.
6 Ho Ananela ba Kulang: Balisa bana ba tlaasana ba lerato ba boetse ba ameha ka bao e ka ’nang eaba baa hlokomolohuoa. Phuthehong ka ’ngoe ho na le ba kulang, ba mahaeng a batho ba hlokang tlhokomelo, kapa ba holofetseng ka tsela e itseng. Hoa utloahala hore karolo ea bona ho boleleng molaetsa oa ’Muso ea fokola ka lebaka la maemo a bona. Mohlomong ba ba le monyetla oa ho paka feela ha ba etetsoe, kapa ha ba buisana le bakuli ba bang kapa batho ba ba hlokomelang. Leha ho le joalo, eng kapa eng eo ba khonang ho e etsa e talingoa e le karolo ea bohlokoa mosebetsing oohle oa ho bolela. (Mat. 25:15) Le haeba ba nka metsotso e 15 feela ba paka, e lokela ho tlalehoa, ’me ba tla tsoela pele ho nkoa e le bahoeletsi ba ’Muso ba kamehla.
7 “Limpho tseo e leng banna” li elelloa ka ho khetheha litlhoko tsa moea tsa barab’abo tsona nakong ena ea selemo—nakong ea Sehopotso. Ke nako e loketseng hakaakang hore baholo ba etse boiteko bo khethehileng ba ho thusa bohle ba khelohileng hore ba boele ba be le thabo le khotso ea kelello tse tlisoang ke botsoalle bo mofuthu ka phuthehong! Rea thaba ha re bona ba joalo “ba amanang le rōna tumelong” ba le teng libokeng tsa phutheho ’me ba kopanela tšebeletsong, e leng se bontšang hore tumelo ea bona sehlabelong sa thekollo.—Bagal. 6:10; Luka 15:4-7; Joh. 10:11, 14.