Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/02 leq. 6
  • Moaparo le Boitlhopho bo Itekanetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moaparo le Boitlhopho bo Itekanetseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moaparo o Hlophehileng Hantle o Lebisa Tlhompho ho Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 10/02 leq. 6

Moaparo le Boitlhopho bo Itekanetseng

1 “Banna bohle, esita le bashanyana ba fasa lithae. Basali bohle le banana, ba apara mese ea sefuba kapa ea letheka. U ke ke ua bona motho ea apereng bokate kapa ea sa fasang thae. Motho e mong le e mong mona o thabile.” Ke kamoo ho boletseng tlaleho e ’ngoe ea litaba. E ne e bua ka batho ba mofuta ofe? Na e ne e le seboka sa lipolotiki? Ketsahalo ea lipapali? Konsarete ea ’mino oa rock? Ka sebele ha ho joalo! E ne e bua ka sehlopha sa bara le barali babo rōna ba tlileng kopanong ea setereke e khōlō.

2 Motseng o mong oo kopano e neng e tšoaretsoe ho oona, mongoli e mong oa koranta o ile a hlalosa sehlopha sa Lipaki ka tsela ena: “Banna bohle ba hloekile ebile ba apere lisutu le lithae. Basali ba apere ka tsela e itekanetseng empa ba iterekile.” Moshebelli oa bobeli, mosebeletsi oa tšireletso, o ile a re: “Le batho ba itšoereng hantle, ba hlomphehang, ba hloekileng le ba makhethe. Ke bona ntho e khahlisang. Lefatšeng lena le silafetseng le khonne ho boloka bohloeki!” Ee ke pabatso e molemo hakaakang! Na ha re motlotlo hore ebe barab’abo rōna ba buuoa hantle hakaale? Ka sebele, bohle sehlopheng sena ba tlatselitse litlalehong tsena tse molemo ka ponahalo ea bona e behang mohlala.

3 Lefatšeng ka bophara re tsebahala ka ponahalo ea rōna e ikhethang. (Mal. 3:18) Hobane’ng? Hobane re latela keletso ea Mangolo ea hore ‘re ikhabise ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, . . . ka tsela e tšoanelang ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho.’—1 Tim. 2:9, 10.

4 Moaparo le Boitlhopho ba Hao li Fana ka Maikutlo Afe? Liaparo tseo re li aparang le tsela eo re li aparang ka eona li bua ho hong ka rōna—litumelo tsa rōna, maikutlo le merero. Litaele tseo re li khethang li bolella batho seo re leng sona le seo re se emelang. Le ka mohla ha rea lokela ho ntšetsa pele monahano le boitšoaro bo hlephileng bo tloaelehileng lefatšeng. Ha rea ameha ka hore setaele se itseng se fesheneng kapa che, empa re amehile ka hore na se loketse motho ea ipolelang hore ke mosebeletsi oa Molimo. (Bar. 12:2) Ho e-na le ho khetha ponahalo e bontšang moea oa ho itaola kapa e fanang ka maikutlo a hore re phela bophelo bo litšila, re batla ho bontša hore ka sebele re “tlotlisa Molimo.”—1 Pet. 2:12.

5 Ka linako tse ling, motho ea mocha ’neteng le ea se nang phihlelo, kapa ea fokolang moeeng a ka amohela eng kapa eng eo lefatše le e buellang tabeng ea moaparo a sa qale ka ho nahana hore na e ama Jehova le mokhatlo o hlophisitsoeng joang. Kaofela ha rōna re lokela ho itlhahloba hore na ha rea susumetsoa ke monahano oa lefatše. Re ka kōpa maikutlo a mora kapa morali oabo rōna ea hlomphehang ea hōlileng moeeng mabapi le moaparo le boitlhopho ba rōna re ntan’o nahanisisa ka litlhahiso tsa hae.

6 Ba bang ba ka lumela hore ba lokela ho ela hloko tsela eo ba aparang ka eona ha ba le kopanong. Empa ha ba ikhatholla ka mor’a lenaneo ba ikaparela feela tjee. Aparang ka tsela e tšoanelang basebeletsi ba Bakreste. (2 Bakor. 6:3, 4) Hohle moo re eang teng, libeche tsa rōna tsa kopano le moaparo oa rōna le boitlhopho li bontša hore re Lipaki Tsa Jehova. Ka hona, liaparo tsa rōna kamehla li lokela ho ba makhethe le ho itekanela, li bontše hore ha re “karolo ea lefatše.”—Joh. 15:19.

7 A re etseng sohle se matleng a rōna Kopanong ea Setereke ea selemo sena ea “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang” ho bontša hore re “sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa [rōna].” Botumo bo botle bo tla latela bo tla tlatsetsa ‘thorisong le botumong le botleng’ ba Jehova.—Deut. 26:19.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Tsela ea ho Tlotlisa Jehova:

■ Apara ka tsela e tšoanelang mosebeletsi oa Molimo.

■ Qoba litaele tse bontšang moea oa lefatše.

■ E-ba ea itekanetseng, e leng se bontšang ho hlaphoheloa kelellong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela