Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/03 maq. 5-6
  • Moaparo o Hlophehileng Hantle o Lebisa Tlhompho ho Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moaparo o Hlophehileng Hantle o Lebisa Tlhompho ho Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moaparo le Boitlhopho bo Itekanetseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Ponahalo e Hloekileng, e Babatsehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 10/03 maq. 5-6

Moaparo o Hlophehileng Hantle o Lebisa Tlhompho ho Molimo

1. Re ka bontša kananelo joang bakeng sa kopano ea rōna e atamelang?

1 Haufinyane re tla ba le tokelo ea ho ba baeti ba Jehova Kopanong ea Machaba kapa ea Setereke ea 2003 ea “Tlotlisang Molimo.” Re leboha hakaakang hore ebe Jehova o re memme moketeng ona oa semetletsa oa lijo moea! Re ka bontša tlhompho le kananelo bakeng sa tokisetso ea hae ea lijo tsa moea ka tsela eo re aparang le ho itlhopha ka eona.—Pes. 116:12, 17.

2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hloeke ’me re itlhophe ka makhethe?

2 Ho Hloeka le ho Hlophiseha: Ponahalo ea rōna e lokela ho bonahatsa litekanyetso tsa Molimo oa rōna, ea hloekileng le ea hlophisehileng. (1 Bakor. 14:33; 2 Bakor. 7:1) ’Mele ea rōna, moriri le manala li lokela ho hloeka ’me re lokela ho itlhopha hantle. Ho itlhopha habohlasoa ke ntho e tloaelehileng kajeno. Leha ho le joalo, hore ebe khalala ea libaesekopo kapa ea lipapali e apara habohlasoa, hase lebaka la hore Mokreste a apare joalo. Haeba re latela lifeshene, batho ba ka thatafalloa ho bona phapang pakeng tsa ba sebeletsang Molimo oa ’nete le ba sa mo sebeletseng.—Mal. 3:18.

3. Re ka tiisa joang hore ponahalo ea rōna e lumellana le keletso e fumanoang ho 1 Timothea 2:9, 10?

3 Moaparo o Tšoanelang Basebeletsi ba Bakreste: Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla molebeli oa Mokreste ea bitsoang Timothea, o ile a khothalletsa ‘basali hore ba ikhabise ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, . . . ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli, e leng, ka mesebetsi e molemo.’ (1 Tim. 2:9, 10) Re lokela ho nahana ka hloko e le ho tiisa hore moaparo oa rōna o hlophehile hantle. Liaparo li lokela ho ba makhethe, ho hloeka ’me e be tse hlomphehang—e se ke ea e-ba tse khabisitsoeng ho feta tekano, tse tsosang takatso.—1 Pet. 3:3.

4, 5. Banna le basali ba Bakreste ba lokela ho ela hloko temoso efe?

4 Pauluse o ile a boela a hlokomelisa khahlanong le ho feteletsa ‘mekhoeng ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo.’ (1 Tim. 2:9) Basali ba Bakreste ba etsa hantle ho latela keletso ea ho sebelisa mabenyane, li-makeup, le mekhabiso e meng ka teka-tekano.—Liprov. 11:2.

5 Molao-motheo oa keletso eo Pauluse a e fileng basali ba Bakreste o boetse o sebetsa le ho banna ba Bakreste. Barab’abo rōna ba lokela ho qoba litaele tse bontšang monahano oa lefatše. (1 Joh. 2:16) Ka mohlala, linaheng tse ling ho tloaelehile hore batho ba apare liaparo tse habu-habu, tse ba fetang, empa setaele sena ha se fane ka ponahalo e loketseng bakeng sa mosebeletsi oa Molimo.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho boloka tekanyetso e phahameng ea moaparo le boitlhopho ha re e-ea le ha re khutla kopanong, ha re le kopanong le ka mor’a mananeo letsatsi ka leng?

6 Nakong ea Boikhathollo: Ha ba le kopanong, bara le barali babo rōna ba bangata ba beha mohlala o motle tabeng ea moaparo le boitlhopho. Leha ho le joalo, litlaleho li bontša hore ba bang ba ikaparela feela tjee ha ba ea kapa ha ba khutla kopanong kapa nakong ea boikhathollo ka mor’a lenaneo. Ka sebele, ponahalo ea rōna—ebang ke kopanong kapa linakong tse ling—e susumetsa mokhoa oo ba bang ba talimang batho ba Molimo ka oona. Kaha re qhoaela libeche tsa rōna tsa kopano, kamehla re lokela ho apara ka mokhoa o tšoanelang basebeletsi ba Bakreste. Hangata sena se etsa hore ba bang ba re babatse ’me se re fa monyetla oa ho fana ka bopaki.—1 Bakor. 10:31-33.

7. Moaparo le boitlhopho ba rōna bo hlophehileng hantle li ka ba le phello efe ho ba bang?

7 Feela joalokaha ho bososela ho tletseng botsoalle ho ntlafatsa ponahalo ea rōna ea sefahleho, moaparo le boitlhopho bo itekanetseng li lebisa tlhompho molaetseng oo re o bolelang le mokhatlong o hlophisitsoeng oo re o emelang. Ba bang ba re bonang nakong ea Likopano Tsa “Tlotlisang Molimo” selemong sena, ba ka ’na ba botsa hore na ke hobane’ng ha re fapane ’me qetellong ba ka ’na ba re: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile [’me re bone] hore Molimo o na le lōna.” (Zak. 8:23) E se eka e mong le e mong oa rōna a ka bontša hore o hlompha Jehova ka moaparo le boitlhopho.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Ponahalo ea Hao e be le Seriti

▪ Ha u le leetong

▪ Kopanong

▪ Nakong ea boikhathollo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela