Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/02 leq. 1
  • Bolela Molaetsa oa ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolela Molaetsa oa ’Muso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Molimo Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • ’Muso oa Molimo O-oa Busa
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • ’Muso “o ke Keng oa Senngoa le ka Mohla”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Molaetsa oo re Lokelang ho o Phatlalatsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 12/02 leq. 1

Bolela Molaetsa oa ’Muso

1 “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo . . . hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) Jesu o ile a tsebahatsa sehlooho sa mosebetsi oa hae ka mantsoe ao—e leng ’Muso oa Molimo. Molaetsa oo re o bolelang kajeno le oona o mabapi le ’Muso oo, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Matheu 24:14: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” Batho ba lokela ho utloa linnete life ka ’Muso oa Molimo?

2 ’Muso oa Molimo oa busa hona joale leholimong ’me haufinyane o tla nkela mebuso ea batho sebaka. Diabolose o se a lelekiloe leholimong ’me tsamaiso ea hona joale ea lintho e matsatsing a eona a ho qetela. (Tšen. 12:10, 12) Tsamaiso ena e khopo ea Satane e tla timetsoa ka ho feletseng, empa ’Muso oa Molimo o ke ke oa sisinngoa. O tla ba teng ka ho sa feleng.—Dan. 2:44; Baheb. 12:28.

3 ’Muso oo o tla khotsofatsa takatso ea moloko oohle oa batho. O tla imolla batho mahlomoleng a bakoang ke ntoa, bokebekoa, khatello le bofutsana. (Pes. 46:8, 9; 72:12-14) Ho tla ba le lijo tse ngata bakeng sa bohle. (Pes. 72:16; Esa. 25:6) Ho kula le ho holofala e tla ba lintho tsa nako e fetileng. (Esa. 33:24; 35:5, 6) Ha batho e e-ba ba phethahetseng, lefatše le tla fetoloa paradeise, ’me batho ba tla phela hammoho ka kutloano.—Esa. 11:6-9.

4 Re bontša ka tsela eo re phelang ka eona hona joale hore re batla ho ba bafo ba ’Muso oa Molimo. Molaetsa oa ’Muso o lokela ho susumetsa tsela eo re phelang ka eona, ho akarelletsa le lipakane tsa rōna le lintho tse tlang pele bophelong. Ka mohlala, le hoja re e-na le tlamo ea ho hlokomela ba malapa a rōna, re ke ke ra lumella lintho tse bonahalang hore li pupetse lithahasello tsa ’Muso. (Mat. 13:22; 1 Tim. 5:8) Ho e-na le hoo, re lokela ho mamela keletso ea Jesu: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle [lintho tsa sebele tse hlokahalang bophelong] le tla li ekeletsoa.”—Mat. 6:33.

5 Ho potlakile hore batho ba utloe le ho nka khato ka molaetsa oa ’Muso hona joale nako e sa le teng. E se e ka re ka “sebelisa tšusumetso malebana le ’muso oa Molimo” ho ba thusa hore ba etse joalo.—Lik. 19:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela