Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/03 leq. 4
  • Bacha—Ralang Motheo o Motle Bakeng sa Nako e Tlang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha—Ralang Motheo o Motle Bakeng sa Nako e Tlang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Josiase o ne a E-na le Metsoalle e Lokileng
    Ruta Bana ba Hao
  • Josiase o Ile a Khetha ho Etsa se Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Josiase ea Ikokobelitseng o Ile a Ratoa ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 9/03 leq. 4

Bacha—Ralang Motheo o Motle Bakeng sa Nako e Tlang

1. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore bacha ba Bakreste ba hlaolele tumelo e matla?

1 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ka likelellong tsa lōna ke efe? Le nahana ka eng? Na lintho tse ka sehloohong tseo le amehileng ka tsona ke tsa hona joale, kapa na le amehile haholo ka lintho tsa nako e tlang le tseo Molimo a li tšepisitseng? (Mat. 6:24, 31-33; Luka 8:14) Ho sebetsa tumellanong le litšepiso tsa Molimo ho hloka tumelo e matla, joalokaha ho ka bonoa mohlaleng oa Abrahama le oa Moshe. (Baheb. 11:8-10, 24-26) Le ka hlaolela tumelo e joalo joang ’me la rala “motheo o motle bakeng sa ka moso”?—1 Tim. 6:19.

2. Re ithuta’ng mohlaleng oa Morena Josiase?

2 Batla Jehova: Haeba u na le kemiso ea ho kopanela linthong tsa moea le lelapa leno, hoa babatseha. Empa u se ke ua nahana hore ho tla itlela feela tjee hore kemiso e joalo e hlahise tumelo e matla. Hore u fumane “tsebo ea Molimo,” u lokela ho batla Jehova. (Liprov. 2:3-5; 1 Likron. 28:9) Morena Josiase e monyenyane o ile a etsa joalo. Ho sa tsotellehe hore o hōletse tikolohong e seng molemo bakeng sa khōlo ea moea, o ile “a qala ho batla Molimo oa moholo-holo oa hae Davida” ha a le lilemo li 15.—2 Likron. 34:3.

3. Bacha ba Bakreste ba ka batla Jehova joang kajeno?

3 U ka batla Jehova joang? Ka hore ka hloko u hlahlobe seo u se lumelang ’me u ‘ipakele e le uena’ hore ka sebele ke ’nete. (Bar. 12:2) Ka mohlala, na u ka hlalosa seo Bibele e se bolelang ka mali kapa ua fana ka bopaki ba hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa maholimong ka 1914? Ho fumana ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete’ ke karolo ea bohlokoa ea ho rala motheo o motle bakeng sa nako e tlang.—1 Tim. 2:3, 4.

4. Bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka etsa joang hore tsoelo-pele ea bona e bonahale?

4 Ho batla ha Josiase Molimo ho ile ha beha litholoana tse molemo. Pele a e-ba lilemo li 20, ka sebete o ile a nka bohato ba ho felisa bolumeli ba bohata naheng. (2 Likron. 34:3-7) Ka ho tšoanang, tsoelo-pele ea hao ea moea e tla bonahala ka liketso tsa hao. (1 Tim. 4:15) Haeba u mohoeletsi ea sa kolobetsoang, leka ka matla ho ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea hao. U se ke ua khotsofalla feela ho tsamaisa lingoliloeng. Iketsetse pakane ea ho sebelisa Bibele, ho behelana mabaka le batho le ho hlaolela thahasello moo u e fumanang. (Bar. 12:7) Sena se tla u thusa ho hōla moeeng.

5. Bakreste ba kolobelitsoeng ba na le menyetla efe ea ho atolosa tšebeletso ea bona?

5 Neha Jehova se Molemohali: Ha u tšoantšetsa boinehelo ba hao ho Jehova ka ho kolobetsoa, u fetoha mosebeletsi oa Molimo ea khethiloeng. (2 Bakor. 3:5, 6) Sena se u bulela menyetla ea ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Menyetla ena e akarelletsa tšebeletso ea bopula-maliboho hammoho le ea Bethele, ea boromuoa le ea machaba. Litsela tse ling hape tsa ho atolosa tšebeletso ea hao ke ho ithuta puo e ’ngoe kapa ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane.

6. Kaofela ha rōna re ka rala joang motheo o motle bakeng sa nako e tlang?

6 Ho hlakile hore hase bohle ba ka kopanelang litokelong tsena tsa tšebeletso, empa e mong le e mong oa rōna a ka neha Jehova se molemohali. (Mat. 22:37) Ho sa tsotellehe maemo a hao, etsa hore ho sebeletsa Jehova e be ntho e ka sehloohong bophelong ba hao. (Pes. 16:5) Ha u etsa joalo, u tla be u rala motheo o motle bakeng sa nako e tlang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela