Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/04 leq. 1
  • ’Mino o Khathollang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Mino o Khathollang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
  • Ho Thabela ’Mino—Senotlolo ke Sefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na nka Mamela ’Mino o Mong le o Mong oo ke U Ratang?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 5/04 leq. 1

’Mino o Khathollang

1 ’Mino ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete. Iseraeleng ea boholo-holo, Asafe le barab’abo ba ile ba bina ba re: “Lebohang Jehova . . . Mo bineleng, mo tsanyaoleleng lipina tsa thoriso, le nahanisise ka liketso tsohle tsa hae tse hlollang.” (1 Likron. 16:8, 9) Kajeno re binela Jehova libokeng tsa rōna tsa phutheho tsa beke le beke. (Baef. 5:19) Ona ke monyetla o babatsehang hakaakang oa ho rorisa lebitso la hae!—Pes. 69:30.

2 Ho mamela Kingdom Melodies, e leng lipina tsa ’Muso tse letsoang ke sehlopha sa ’mino oa liletsa, ho ka tlatsa likelello tsa rōna ka lintho tsa moea. Morali e mong oabo rōna o ile a hlalosa a re: “Ha ’mino ona o ntse o lla, ke hopola mantsoe a lipina tsena. Ke tsela e molemo hakaakang ea ho lula ke nahana ka Jehova ha ke ntse ke thabela ’mino!”—Bafil. 4:8.

3 Maemo ao li ka Thabeloang ho ’Ona: Ho letsa Kingdom Melodies lapeng ho etsa hore ho be le tikoloho e mofuthu, ea moea e tlatsetsang khotsong ea lelapa. Lelapa le leng le ile la ngola la re: “Re letsa [’mino] ona kamehla lehaeng la rōna le ka koloing ’me ha ho mohla o re tenang. Hangata Kingdom Melodies e ’nile ea hlaphola likelello tsa rōna ha re itokisetsa liboka tsa Bokreste kapa ha re e-ea kopanong.” Morali e mong oabo rōna o itse: “Li ntlhasimolla e le kannete ha ke li mametse ke ntse ke etsa mosebetsi oa ntlo—ke mang ea neng a ka nahana hore nka thaba ha ke ntse ke mena liaparo? Ke letsa ’mino ona ha ke ikutloa ke nyahame. ’Mino ona o hlasimolla hakaakang! . . . Pina e ’ngoe le e ’ngoe e tlisa thabo.” Na ho na le linako tseo ka tsona ’mino o joalo o khathollang o ka u tsoelang molemo?

4 ’Mino o mongata oa kajeno o bonahatsa moea oa lefatše. Batsoali ba ka thusa bana ba bona ho rata ’mino o hahang ka ho sebelisa Kingdom Melodies hamolemo. Liithuti tse ngata tsa Bibele le batho ba thahasellang ba ka thabela ho tseba ka lipina tsena tse monate tse hahang moeeng, tse tlotlisang Jehova le tse hlasimollang.—Pes. 47:1, 2, 6, 7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela