Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa June 15
“Na ha u lumele hore ho koetlisa bana lefatšeng la kajeno ke phephetso? [Emela karabelo.] Hlokomela tšepiso ena ea hore batsoali ba ka atleha. [Bala Liproverbia 22:6.] Molula-Qhooa ona o fana ka keletso e sebetsang e tla thusa batsoali ho tobana le phephetso ena.”
Molula-Qhooa July 1
“Linakong tsa tlokotsi, batho ba bangata ba ipotsa hore na ruri Molimo o tsotella batho le ho hlokomela mahlomola a bona. Na u kile ua nahana ka seo? [Emela karabelo.] Makasine ena e tšohla kamoo Molimo a bontšang hore o amehile ka rōna kajeno le kamoo a faneng ka motheo oa ho felisa mahlomola ’ohle.” Bala Johanne 3:16.
Tsoha! July 8
“Ho batho ba bangata, lilemo tsa bocha ke nako ea thabo le liphephetso, na ha ho joalo? [Emela karabelo.] Makasine ena e tšohla liphetoho tseo bacha ba fetang ho tsona. Hape e bua ka keletso e bohlale e ka ba thusang ho sebelisa lilemo tsa bona tsa bocha hamolemo.” Bala Moeklesia 12:1.
Nehelano e ’ngoe: “Ba bang ba nahana hore ho lumela ho Molimo ha ho lumellane le saense. Empa na u ne u tseba hore ho na le bo-rasaense ba reng saense e hlile e tšehetsa tumelo ea hore ho na le ’Mōpi? [Emela karabelo.] Tsoha! ena e tšohla bopaki bo bong bo entseng hore ba fihlele qeto eo.” Bala Baroma 1:20.