Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/04 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 5/04 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa May 15

“Na u kile ua ipotsa hore na lintho tseo batho ba li etsang lefatšeng li ama Molimo ka tsela leha e le efe? [Emela karabelo.] Hlokomela kamoo liketso tsa rōna li ka amang maikutlo a Molimo kateng. [Bala Liproverbia 27:11.] Makasine ena e tšohla mehlala e meng ea batho ba ileng ba thabisa pelo ea Molimo, ’me e hlalosa kamoo re ka etsang se tšoanang.”

Molula-Qhooa June 1

“Batho ba bang ba nahana hore ha ho hlokahale hore e be litho tsa bolumeli bo hlophisitsoeng e le hore ba rapele Molimo. Na u kile ua nahana ka seo? [Emela karabelo.] Makasine ena e hlalosa kamoo Molimo a ileng a sebelisana le batho kateng linakong tse fetileng. E boetse e tšohla se boleloang ke ho rapela Molimo ka ’nete.” Bala Johanne 4:24.

Tsoha! June 8

“Kajeno batho ba bangata ba jeoa ke bolutu. Sena se akarelletsa boikutlo ba ho ba hōle le ba bang. Na ua lumela hore see se ka ba bohloko? [Emela karabelo. Ebe u bala Pesaleme ea 25:16.] Tsoha! ena e fana ka litlhahiso tse sebetsang tsa ho loantša bolutu.”

Nehelano e ’ngoe: “Botsebi ba saense ea tsa meriana bo entse tsoelo-pele e babatsehang tabeng ea ho loantša maloetse, empa na u nahana hore re tla ke re phele lefatšeng leo ho lona ho se nang maloetse? [Emela karabelo.] Makasine ena e hlalosa hore ka letsatsi le leng motho e mong le e mong lefatšeng o tla thabela bophelo bo botle ka ho phethahetseng tumellanong le tšepiso ena.” Bala Esaia 33:24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela