Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/09 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 5/09 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa May 1

Bala Matheu 24:3. Ebe u re: “Batho ba bang ba na le maikutlo a hore potso ena e mabapi le bofelo ba lefatše. Na u lumela hore lefatše le tla felisoa? [Emela karabo.] Karabo ea Jesu e etsa hore re lebelle ntho e itseng—eseng bofelo ba lefatše empa bofelo ba ntho e itseng. Sehlooho se leqepheng la 16 se hlalosa taba ena haholoanyane.”

Tsoha! May

“Baruti ba bang ba re haeba re khahlisa Molimo, o tla re fa maruo. Leha ho le joalo, mohlomong u tseba batho ba lokileng bao e leng mafutsana. Na u nahana hore Molimo o batla hore re be barui? [Emela karabo. Ebe u bala Baheberu 13:5.] Sehlooho sena se hlalosa hore na Molimo o re hlohonolofatsa ka tsela efe.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 12.

Molula-Qhooa June 1

“Kajeno ho na le libuka tse ngata tse eletsang tabeng ea ho hlokomela bana, lerato le ho ikhotsofatsa. Na u fumane li le molemo? [Emela karabo.] Ba bangata ba hlokomoloha buka e nang le keletso ea ’nete. [Bala 2 Timothea 3:16.] Makasine ena e hlalosa lebaka leo re ka tšepang Bibele ka lona ebile e fana ka mehlala ea likeletso tse molemo.”

Tsoha! June

“Ke tšepa hore ua tseba hore batho ba ntse ba ipotsa hore na ho ntša mpa ho nepahetse kapa ho fosahetse. Na u bona eka Bibele e ka thusa motho hore a tsebe hore na o lokela ho etsa’ng? [Emela karabo. Ebe u bala 2 Timothea 3:16, 17.] Makasine ena e re bolella maikutlo a Bibele tabeng ena.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela