Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/08 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 5/08 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa May 1

“Ho eketseha ha likoluoa tsa tlhaho mehleng ea rōna ho entse hore ba bang ba ipotse hore na ebe Molimo oa re ahlola kapa che. Uena u re’ng? [Emela karabo. Ebe u bala 1 Johanne 4:8.] Sehlooho sena se hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa ikarabelle ka mahlomola a bakoang ke likoluoa tsa tlhaho.” Buella sehlooho se leqepheng la 30.

Tsoha! May

Bala Matheu 6:10. Ebe u botsa potso ena: “Na u kile ua ipotsa hore na morero oa Molimo ke ofe ka lefatše? [Emela karabo.] Bibele e re tšimolohong Molimo o ne a e-na le morero ka lefatše, ’me morero oo ha oa fetoha. Sehlooho sena se fana ka lintlha tse eketsehileng.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 10.

Molula-Qhooa June 1

“E ’ngoe ea lipale tsa Bibele tse tsebahalang haholo ke ea Noe le Moroallo. Na u nahana hore kannete Moroallo o bile teng? [Emela karabo.] Se thahasellisang ke hore Jesu o boletse hore o hlile oa ba teng. [Bala Luka 17:26, 27.] Makasine ena e bontša hore na ke hobane’ng ha re lokela ho lumela tlaleho ea Moroallo ’me e hlalosa lintho tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona ho oona.”

Tsoha! June

“Ho hōlisa bana ha ho bonolo, haholo-holo ha ba fihla boemong ba ho ba bahlankana kapa baroetsana ’me ho etsahala liphetoho tse khōlō ho bona. U nahana hore batsoali ba ka fumana keletso e molemo hokae? [Emela karabo. Ebe u bala Esaia 48:17, 18.] Makasine ena e fana ka likeletso tse nakong tse thusang batsoali hore ba sebelise bohlale le kutloisiso.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela