Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/08 leq. 4
  • U ka Fumana Maruo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Fumana Maruo!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meputso ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ikemisetse ho Rua Moeeng
    Tsoha!—2007
  • Na Joale U Bulehetsoe ke Monyako oa ho Bula Maliboho?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 5/08 leq. 4

U ka Fumana Maruo!

1. Ke hobane’ng ha u lokela ho nahana ka ho ba pula-maliboho oa kamehla?

1 Na u batla ho thaba le ho khotsofala ka ho eketsehileng bophelong ba hao? Na ho thusa ba bang hoa u thabisa le ho u khotsofatsa? Na u rata ho eketsa tšebeletso ea hao ho Jehova? Haeba u arabela potso e ’ngoe ho tsena ka e, joale u lokela ho nahana ka ho ba pula-maliboho oa kamehla. Ho hlakile hore re lokela ho nahana ka boikarabelo ba lelapa le ba Mangolo, hammoho le ho haelloa ke bophelo le mefokolo e meng.

2. Bolela maruo a mang a moea ao bo-pula-maliboho ba kamehla ba a fumanang.

2 Mangolo a bululetsoeng a Solomone a bontša hore tlhohonolofatso ea Jehova e amana le maruo a lintho tse bonahalang. (Liprov. 10:22) Kajeno ka ho khetheha tlhohonolofatso ea Jehova e tlisa maruo a moea. Bo-pula-maliboho ba kamehla ba fumana maruo ana ka bongata. Ka mohlala, ba ba le thabo e eketsehileng ea ho fana ha ba ntse ba ‘reka nako’ mesebetsing ea bona. (Bakol. 4:5; Lik. 20:35) Jehova o lemoha mesebetsi ea bona e bontšang lerato ebile oa e ananela. ‘Matlotlo ana a leholimong’ a tla lula e le a bohlokoa. (Mat. 6:20; Baheb. 6:10) Ho feta moo, kaha bo-pula-maliboho ba lula ba na le ‘leihlo le talimileng nģa e le ’ngoe’ ebile ba tšepa hore Jehova o tla ba fa lintho tseo ba li hlokang, kamano ea bona le eena ea matlafala.—Mat. 6:22, 25, 32; Baheb. 13:5, 6.

3. Ho phehella maruo a moea ho fapana joang le ho phehella a lintho tse bonahalang?

3 Hangata ho lelekisa maruo a lintho tse bonahalang ho lebisa “litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi.” (1 Tim. 6:9, 10; Jak. 5:1-3) Tlhohonolofatso ea Jehova ha e joalo le ka mohla. Kaha bo-pula-maliboho ba kamehla ba qeta nako e teletsana tšimong, sena se ba thusa hore ba tiee moeeng le hore ba tsepamise likelello tsa bona linthong tsa bohlokoa haholoanyane. (Bafil. 1:10) Mor’abo rōna e mong o ile a tlohela mosebetsi oa ho ba moenjeniere o neng o mo jela nako e le hore a bule maliboho. O itse: “Mosebetsi oa ka oa boipheliso o ne o mpakela khatello ea maikutlo. Ha ho joalo ka bopula-maliboho. Hona joale ke thusa batho ’me ke ba ruta ’nete. Mosebetsi ona o khotsofatsa haholo ebile oa thahasellisa.”

4. Bo-pula-maliboho ba kamehla ba hlohonolofatsoa joang ha ba tlisetsa ba bang litlhohonolofatso?

4 Tlhohonolofatso ho ba Bang: Kajeno, e mong le e mong o feta ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Tim. 3:1) Hohle batho ba batla ka tieo moo ba ka tšepelang teng. Baboleli ba ’Muso ba thabela ho bona hore lifahleho tsa batho ba nyahameng li ka khanya ha ba utloa litaba tse molemo. Thabo ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba qetang lihora tse fetang 800 selemo ka seng mosebetsing ona oa ho pholosa batho e khaphatseha haholo.—1 Tim. 4:16.

5, 6. U ka thusoa ke’ng hore u be pula-maliboho oa kamehla?

5 Na u ’nile ua nahana ka ho teba hore u be pula-maliboho oa kamehla? Ho ka ’na ha hlokahala hore u “ithekele nako e loketseng” mesebetsing eo e seng ea bohlokoa hakaalo. (Baef. 5:15, 16) Ba bangata ba entse joalo ’me ba phela bophelo bo itekanetseng, e leng se ba lumeletseng hore ba fokotse nako eo ba e qetang mosebetsing oa boipheliso e le hore ba qete nako e telele mesebetsing ea ’Muso. Na u ka lokisa maemo a hao e le hore u be e mong oa bona?

6 Kōpa bohlale ho Jehova hore a u thuse ho etsa kemiso e loketseng. (Jak. 1:5) U ka lebella mahlohonolo afe ha u etsa joalo? U ka lebella ho fumana maruo a mangata a moea! Jehova o tla boela a u hlohonolofatse ka lintho tse bonahalang tseo u li hlokang. (Mat. 6:33) Ba lekang Jehova ka tsela ena ba tla fumana “tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.”—Mal. 3:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela