Lebokose la Lipotso
◼ Na ho loketse hore bamameli ba ope liatla ka mor’a puo e ’ngoe le e ’ngoe ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le ea Seboka sa Tšebeletso?
Ha ’Mōpi, Jehova, a theha lefatše, “linaleli tsa hoseng li [ile tsa] hoeletsa ka thabo hammoho, bara bohle ba Molimo ba qala ho hlaba litlatse.” (Jobo 38:7) Bara bana ba Molimo ba mangeloi ba ne ba lakatsa ho rorisa Jehova ka lebaka la pōpo ea hae e tsotehang, e leng tsela e ’ngoe eo ka eona a ileng a bontša hore o bohlale, o molemo, ebile o matla.
Ke ntho e ntle hore re bontše kananelo e tlohang pelong bakeng sa boikitlaetso boo barab’abo rōna ba bo etsang le lipuo tseo ba fanang ka tsona. Ka mohlala, re tloaetse ho opa liatla ho bontša hore re ananela lipuo le lipontšo lipokanong tse khethehileng, tse kang likopano tse khōlō le tse nyenyane. Sena se etsoa ka mor’a puo, eseng pele ho eona. Ho ile ha hlokahala hore sebui se qete nako e ngata le ho sebetsa ka thata hore se lokisetse. Ha re opa liatla re bontša hore re ananela mosebetsi o mongata oo sebui se o entseng re bile re leboha le Jehova ka thuto eo a fanang ka eona ka Lentsoe la hae le mokhatlo o hlophisitsoeng.—Esa. 48:17; Mat. 24:45-47.
Ho thoe’ng ka ho opa liatla ho bontša hore re ananela lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso? Ha ho na melao e re hanelang ho opa liatla haeba ho itlela feela hore re etse joalo, joaloka tabeng ea ha seithuti se qeta ho fana ka puo ea sona ea pele sekolong. Leha ho le joalo, ho bonolo hore re ope liatla ka tloaelo feela, ’me ho se ke ha hlola ho utloahala hore na re opela eng. Ka lebaka leo, ha re khothalletsoe ho opa liatla qetellong ea puo e ’ngoe le e ’ngoe, kapa ha ho boleloa palo ea ba bileng teng Holong ea ’Muso.
Le hoja ho se molemo ho opa liatla ka mor’a boholo ba lipuo tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le tsa Seboka sa Tšebeletso, ho na le litsela tse ling tseo kaofela ha rōna re ka bontšang hore re ananela thuto e fanoeng le boiteko bo entsoeng ke ba fanang ka lipuo tsena. Re ka etsa sena ka ho lula re falimehile ’me re mamele libui ka hloko. ’Me ka mor’a seboka, hoa khoneha hore re lebohe batho ba neng ba fana ka lipuo.—Baef. 1:15, 16.