Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/99 maq. 3-4
  • Na Joale U Bulehetsoe ke Monyako oa ho Bula Maliboho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Joale U Bulehetsoe ke Monyako oa ho Bula Maliboho?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 8/99 maq. 3-4

Na Joale U Bulehetsoe ke Monyako oa ho Bula Maliboho?

1 Temana ea rōna ea selemo ea 1999 e re hopotsa hore re sa ntse re le ‘letsatsing la Jehova la poloko.’ (2 Bakor. 6:2) Empa letsatsi la hae la poloko le tla fela haufinyane. Joale ho tla qala ‘letsatsi la hae la kahlolo.’ (2 Pet. 2:9) Ha Jehova a ntse a tsoela pele ho atolosetsa monyetla ona oa poloko ho moloko oa batho, ke ho hlollang hakaakang ho bona palo ea ba ntseng ba eketseha ba arabelang!

2 Batho ba Jehova ba ikitlaelitse ho tobana le phephetso ea ho finyella ba arabelang pele e e-ba morao haholo. Ho bahoeletsi ba bangata ba ’Muso, sena se ile sa bolela ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Na joale u bulehetsoe ke monyako oa ho bula maliboho? Ke hobane’ng ha re botsa?

3 Ho Bontšitsoe Kananelo: Joalokaha ho tsebisitsoe ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 1999, lihora tse hlokahalang bakeng sa bo-pula-maliboho ba kamehla le ba thusang li theotsoe. E le ho finyella tlhokahalo ena e ncha, bo-pula-maliboho ba kamehla ho hlokahala hore ba nehelane ka lihora tse 70 tšebeletsong khoeli le khoeli ho etsa kakaretso ea lihora tse 840 ka selemo sa tšebeletso. Bo-pula-maliboho ba thusang ba tla qeta lihora tse 50 tšebeletsong khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Mona ke tse seng kae feela tsa lipolelo tse ngata tse bontšitseng kananelo tse amohetsoeng ka lebaka la phetoho ena:

“Ke mpho e babatsehang hakaakang e tsoang ho Ntate oa rōna oa leholimo!”

“Ha ho na mantsoe a ka hlalosang thabo, lerato le teboho ka tokisetso ena!”

“E tla etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho finyella kemiso ea rōna!”

“Thapelo ea rōna ke hore e se eka ba bangata ba eketsehileng ba ka nka tšebeletso ea nako e tletseng ’me ba thabela mahlohonolo a tlisoang ke ho sebeletsa Jehova ka tsela e khōlō.”

4 Ha re ntse re atamela tlhōrō ea letsatsi la Molimo la poloko, ho totobetse hore Jehova o lakatsa ha batho ba hae ba fana ka mohoo oa ho qetela, o moholo oa thoriso. Ho pharalla ha molaetsa ona le ho matlafala ha oona ho eketsoa (1) ke khōlo e tsitsitseng palong ea baboleli ba ’Muso le (2) ke hore e mong le e mong a batle ho eketsa seo a khonang ho se etsa boboleling ba ’Muso. Jehova, “ea hōlisang,” o atlehisitse litsela tseo ka bobeli ka ho hlohonolofatsa moea oa boithaopo oa bohle ba amohetseng poloko.—1 Bakor. 3:6, 7; Pes. 110:3.

5 Se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Oona: Ke mabapi le letsatsi la Jehova la poloko moo Pauluse a ileng a eletsa Bakreste-’moho le eena: “Ha re sebetsa hammoho le eena [Jehova], re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona.” Re ke ke ra “lahleheloa ke morero oa oona” haeba re talima ena e le “nako e amohelehang ka ho khethehileng” ea ho sebeletsa ho bolokeha ha ba bang ha ho hlaha monyetla o mong le o mong. (2 Bakor. 6:1, 2) Kajeno, mantsoe a Pauluse e ba a potlakileng haholoanyane. Bakreste ba bonahatsang lerato le tlohang botebong ba pelo ho Jehova ba ho nka e le tokelo ho kopanela ka botlalo ka hohle kamoo ho ka khonehang tšebeletsong eo a ba abetseng eona. Na hona joale u khona ho kopanela ka botlalo haholoanyane tšebeletsong joaloka pula-maliboho oa kamehla?

6 Ke Pakane e Utloahalang: Afrika Boroa, pakane ea rōna ke ho bona bo-pula-maliboho ba kamehla ba 5 000 ba ngolisitse ka la 1 September. Re lumela hore ena ke pakane e utloahalang le eo re ka e finyellang. Ke hobane’ng ha re kholisehile hakaale? Ka March 1997 re bone bara le barali babo rōna ba 7 971 e le bo-pula-maliboho ba thusang, ’me ka April 1998 ba ka bang 7 900 ba ile ba etsa joalo. Boholo bo ile ba tlaleha lihora tse 60—li haella feela ka lihora tse 10 hore ba fihle tlhokahalong e ncha ea bopula-maliboho ba kamehla! Esita le haeba ba 1 000 feela ho bao e neng e le bo-pula-maliboho ba thusang ba ka ngolisa e le bo-pula-maliboho ba kamehla pele selemo sena sa tšebeletso se fela, re ka qala September ka bo-pula-maliboho ba nako e tletseng ba 5 000 kapa ho feta!

7 Kemiso ea Hlokahala: Na lihora tse 70 ka khoeli tšebeletsong ea tšimo li ntse li bonahala li le ngata hoo u ke keng ua li finyella? Mohlomong ho nahana ka lihora tse 17 ka beke ho tla thusa. U sebelisa kemiso ea mohlala e leqepheng le latelang, leka ho iketsetsa kemiso ea bopula-maliboho ba kamehla e tla tšoanela maemo a hao a botho. Ha u iketsetsa kemiso, bua le bo-pula-maliboho ba nang le phihlelo hore u fumane likeletso tsa bona mabapi le hore na ba leka-lekanya tšebeletso ea bo-pula-maliboho le boikarabelo ba botho le ba lelapa joang. Botsa molebeli oa hao oa potoloho hore na bo-pula-maliboho ba potolohong ea lōna ba etsa kemiso ea tšebeletso ea bona joang beke le beke. Joale e be u talima ho Jehova hore a hlohonolofatse merero ea hao ea ho bula maliboho.—Liprov. 16:3.

8 Ho Etseng Morero oa Lelapa: Na le se le kile la nahana ka ho etsa bopula-maliboho morero oa lelapa? Le ka ’na la lula fatše le le lelapa ’me le buisane ka kamoo—ka ho rera le le hlokolosi le ka tšebelisano e ntle—setho se le seng kapa tse peli tsa lelapa li ka khonang ho bula maliboho. Ka ho utloahalang, ba bang ba tla fumana hore ha ba hlahlobisisa maemo a bona ka botšepehi ha a ba lumelle hore ba ka bula maliboho hang-hang. Haeba ho joalo, ipeheleng ho bula maliboho e le pakane ea kamoso. Empa qala ka ho itokiselletsa ho sebeletsa deiteng e itseng ea ho qala ho bula maliboho. Mohlomong u ka ba pula-maliboho ea thusang makhetlo a ’maloa ka selemo u sebelletsa ho finyella tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla.

9 Bo-pula-maliboho ba kamehla ba fetang 4 000 bao hona joale ba leng lenaneng Afrika Boroa ba na le maemo a sa tšoaneng. Hase bohle ba phelang hantle ’meleng, ’me ba bangata ba na le boikarabelo ba lelapa le ba lichelete. Bo-pula-maliboho ba bangata ba fetile lilemo tse 50, ’me ba bang ba fetile lilemo tse 65. Ba ’maloa ke masoha, ’me ba seng bakae ba lilemo li 20 kapa ka tlaase. Bo-pula-maliboho ba bang ke barab’abo rōna, bao ba bangata ba bona ba nang le boikarabelo ba lelapa le ba phutheho. Bana kaofela ba ‘reka nako e loketseng’ bakeng sa ho bula maliboho, e leng hoo maemong a mangata ho ileng ha bolela ho phela bophelo bo bonolo empa e le bo khotsofatsang.—Bakol. 4:5.

10 Na ho Hlokahala hore U Nolofatse? Ho nolofatsa bophelo ba rōna e ka ba senotlolo sa ho bula monyako oa ho bula maliboho. Na bophelo ba hao bo tšoana le ntlo e khōlō e nang le likamore le thepa ea ntlo tse sa hlokahaleng, tse hlokang nako e ngata, chelete le mosebetsi oa ho li hlokomela? Haeba ho joalo, ho amohela maemo a batlang a itekanetse ho ka ’na ha u lumella ho bula maliboho. Na u ka fokotsa nako eo u e qetang mosebetsing oa boipheliso? Na u ka reka nako mosebetsing oa lintho tse sa hlokahaleng kapa ua bontša teka-tekano e khōloanyane nakong eo u e qetang boikhathollong?

11 Bibele, ho 1 Timothea 6:8, ea re eletsa: “Ha re e-na le tsa ho phela le liaparo le tšireletso, re tla khotsofalla lintho tsena.” Ho khotsofalla lintho tse fokolang ke ntlha ea bohlokoa bakeng sa ho etsa sohle se matleng a rōna tšebeletsong ea Jehova ’me ho etsa hore ho be bonolo hore re etelletse lithahasello tsa moea pele. (Mat. 6:22, 33) Leqepheng la 104 la Buka ea Selemo ea 1998, tlalehong ea Japane, ho fanoa ka litlhahiso tse ngata mabapi le hore na ke hobane’ng ha ho e-na le moea o motle hakana oa bopula-maliboho naheng eo. Nahana ka o le mong: “Ka kakaretso ke ’nete hore matlo a Majapane ke a itekanetseng haholo, kahoo a hloka nako e fokolang ho a boloka a le boemong bo botle, ’me boholo ba nako, bophelo ka tloaelo bo bolokoa e le bo itekanetseng.” Na oo hase ’moko-taba oa 1 Timothea 6:8?

12 Lefatšeng ho pota, bahlanka ba Molimo ba bolela litaba tse molemo ka matla a ntseng a eketseha pele letsatsi la Jehova la poloko le fihla pheletsong. Ho babatsehang ke hore selemong se fetileng ka karolelano ba ka bang 700 000 ba ile ba kopanela mofuteng o mong oa tšebeletso ea bopula-maliboho khoeli le khoeli. Na u ka lokisa bophelo ba hao e le hore u ka kopanela le bona? Re u mema hore u hlahlobe maemo a hao ka hloko le ka thapelo ha u arabela potso ena: “Na joale u bulehetsoe ke monyako oa ho bula maliboho?”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

PAKANE: BO-PULA-MALIBOHO BA KAMEHLA BA 5 000!

[Lebokose le leqepheng la 4]

Mohlala oa Likemiso Tsa Bo-pula-maliboho ba Kamehla

Tse hlokahalang: Lihora tse 17 ka beke

Letsatsi le le Leng Har’a Beke le Mafelo-beke

Letsatsi Lihora

Labohlano 8

Moqebelo 6

Sontaha 3

Kakaretso ea Lihora: 17

Matsatsi a Mabeli Har’a Beke le Moqebelo

Letsatsi Lihora

Labobeli 7

Labone 7

Moqebelo 3

Kakaretso ea Lihora: 17

Matsatsi a Mararo Har’a Beke le Sontaha

Letsatsi Lihora

Mantaha 5

Laboraro 5

Labohlano 5

Sontaha 2

Kakaretso ea Lihora: 17

Mantsiboea a Mabeli le Mafelo-beke

Letsatsi Lihora

Mantaha 3

Laboraro 3

Moqebelo 8

Sontaha 3

Kakaretso ea Lihora: 17

Iketsetse Kemiso ea Hao ea Bopula-maliboho ba Kamehla

Letsatsi Lihora

Mantaha

Labobeli

Laboraro

Labone

Labohlano

Moqebelo

Sontaha

Kakaretso ea Lihora: 17

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela