Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 3 May ho ea ho la 23 August, 1999. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Ha ho hlokahale hore batsoali ba sekisetse melao-motheo ea Bibele hore ba sebetsane le bana ba bona ka tsela e molemo. [1, fy-SU leq. 108 ser. 14]
2. Sehlooho sa Bibele eohle ke ho tlosoa qoso ho Jehova ka ’Muso o busoang ke “peō” e tšepisitsoeng. (Gen. 3:15) [2, si-SU leq. 17 ser. 30]
3. Ho na le bopaki bo fokolang haholo ba lintho tsa khale tse epollotsoeng le bo bong bo tsoang ka ntle bo pakang ho nepahala ha liketsahalo tse tlalehiloeng ho Exoda. [3, si-SU leq. 20 ser. 4]
4. Ba phelang bofumeng bo feteletseng ha ba boemong ba ho ntša menehelo ea lichelete ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. [4, w97-SU 9/15 leq. 5 ser. 8]
5. Ho lefa puseletso e loketseng ho batsoali le ho batsoali ba batsoali ba rōna ke karolo ea borapeli ba rōna ho Jehova. (1 Tim. 5:4) [7, w97-SU 9/1 leq. 4 lir. 1-2]
6. Ho bolokoa ha Sabatha qalong e ne e le pontšo pakeng tsa Jehova le lichaba tsohle. [10, ’Malo oa Bibele oa Beke le Beke; bona rs-SU leq. 380 ser. 3.]
7. Ha ngoana a hōlile ka ho lekaneng hore a ka qala ho iketsetsa liqeto, o jara boikarabelo ka tekanyo e eketsehileng bakeng sa liketso tsa hae, haholo-holo mabapi le molao oa bomolimo. (Baroma 14:12) [11, fy-SU leq. 134 lir. 17]
8. Moshe o ngotse buka ea Levitike ka selemo sa 1513 B.C.E. [13, si-SU leq. 25 lir. 3-4]
9. Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Luka 21:20, 21 a ile a phethahatsoa ka 66 C.E. ha mabotho a Roma tlas’a bolaoli ba Molaoli Tite a ikhula Jerusalema. [17, w97-SU 4/1 leq. 5 lir. 3-4]
10. Thuto ea Epicurus e ne e le kotsi ho Bakreste hobane e ne e thehiloe maikutlong a hae a hlokang tumelo, a hlalositsoeng ho 1 Bakorinthe 15:32. [16, w97-SU 11/1 leq. 24 ser. 4]
Araba lipotso tse latelang:
11. Re ithutang eng thibelong ea ho ja mafura e boletsoeng ho Levitike 3:17? [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w84-SU 4/1 leq. 10 ser. 7.]
12. Ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse Satane Diabolose hore a be teng? (Ex. 9:15) [5, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 3/15 leq. 10 ser. 14.]
13. Ha setho sa lelapa se kula haholo, ke mehato efe e qalang e lokelang ho nkuoa ke lelapa e le hore le ka beha lintho tse tlang pele sebakeng sa tsona? (Liprov. 15:22) [6, fy-SU leq. 122 ser. 14]
14. Ke ka kutloisiso efe sechaba sa Iseraele e neng e le “’muso oa baprista”? (Ex. 19:6) [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 7/1 leq. 16 ser. 8.]
15. Phapang ke efe pakeng tsa leihlo le “talimang ’nģa e le ’ngoe” le le “khopo”? (Mat. 6:22, 23) [10, w97-SU 10/1 leq. 26 ser. 6]
16. Ho ne ho ka boleloa joang hore Davida o ne a ‘tsamaea ka pelo e tšepahalang le ka ho loka’ empa a ile a etsa liphoso? (1 Mar. 9:4, NW) [11, w97-SU 5/1 leq. 5 ser. 1]
17. Ke litokelo life kajeno tse tšoantšetsoang ke hore Baiseraele ba ‘fele ba etse joalo’ mabapi le tabernakele? (Ex. 39:32) [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 12/15 leq. 12 ser. 9.]
18. Ke eng se bontšoang ke hore ebe Jehova o itšenotse e le “Ke tla ipaka ho ba seo ke tla ipaka ho ba sona”? (Ex. 3:14, NW) [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 3/1 leq. 10 ser. 6.]
19. Ke thuto efe e rutoang ke taba e amang Nadabe le Abihu e tlalehiloeng ho Levitike 10:1, 2? [15, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w84-SU 4/1 leq. 10 ser. 8.]
20. Tlas’a Molao oa Moshe, ke hobane’ng ha ho beleha ngoana ho ne ho etsa hore mosali a be “sesila”? (Lev. 12:2, 5) [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w84-SU 4/1 leq. 11 ser. 3.]
Fana ka (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. Le hoja ho se na pheko ea mohlolo bakeng sa bolutu, motsoali ea se nang molekane a ka bo mamella ka matla a tsoang ho ․․․․․․․․, a fumanoang ka ․․․․․․․․ tse phehellang. (1 Tim. 5:5) [2, fy-SU leq. 113 ser. 21]
22. Koluoa e hlahelang motho bophelong e ka ’na ea e-ba ka lebaka la ․․․․․․․․ kapa ka lebaka la ․․․․․․․․ ha rōna. [6, w97-SU 5/15 leq. 22 ser. 7]
23. Buka ea Exoda e senola Jehova e le ․․․․․․․․ le ․․․․․․․․ e moholo ka ho fetisisa le ․․․․․․․․ oa merero ea hae e babatsehang. [12, si-SU leq. 24 ser. 26]
24. Se senolang seo re hlileng re leng sona ka hare, ke seo re leng sona ․․․․․․․․ eseng ha re le ․․․․․․․․. [15, w97-SU 10/15 leq. 29 ser. 3]
25. Haeba mekete ea kotulo e e-na le khopolo ea ․․․․․․․․ kapa ea ․․․․․․․․, Bakreste ba ’nete ba ka qoba ho se khahlise Jehova ka ho hana ho ․․․․․․․․ ka tsela leha e le efe le borapeli bo silafetseng joalo. [1, w97-SU 9/15 leq. 9 ser. 6]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Ho tujoa ha peō ea Abrahama “ka lilemo tse makholo a mane” ho qalile ha Ishmaele a soma Isaka ka (1943; 1919; 1913) B.C.E. ’me ha fela ha e lokolloa Egepeta ka (1543; 1519; 1513) B.C.E. (Gen. 15:13) [2, si-SU leq. 17 ser. 31]
27. Hore na lelapa le sebetsana ka katleho le bokuli bo tebileng kapa che ho itšetlehile haholo-holo ka (tšireletso ea lichelete ea; boikutlo ba; inshorense ea) litho tsa lona. (Liprov. 17:22) [5, fy-SU leq. 120 ser. 10]
28. Ea reng ka pelong ea hae “Jehova ha a eo” o bitsoa “ea se nang kelello” hobane motho eo ke (ea haelloang boitšoarong; ea sa rutehang; ea haelloang ke matla a ho nahana). (Pes. 14:1, NW) [9, w97-SU 10/1 leq. 6 ser. 9]
29. Ha Adama le Eva ba rabela, ntho ea bohlokoahali eo ba ileng ba lahleheloa ke eona ke (phetheho; kamano le Molimo; serapa seo ba neng ba lula ho sona), eo e neng e le senotlolo sa thabo ea bona. [14, w97-SU 10/15 leq. 6 ser. 2]
30. Buka ea (Genese; Exoda; Levitike) e bolela tlhokahalo ea khalalelo hangata ho feta buka leha e le efe ea Bibele. [13, si-SU leq. 26 ser. 9]
Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Ex. 5:2; Ex. 21:29; Liprov. 1:8; Bagal. 5:20; Jak. 1:14, 15
31. Mang le mang ea ipolelang hore ke Mokreste eo khafetsa hape a sa bake a inehelang ho tlakoloheng ka mabifi, ho akarelletsa le ho hlekefetsa litho tsa lelapa ’meleng, a ka khaoloa. [Bagal. 5:20] [17, fy-SU leq. 150 ser. 23]
32. Tsela eo re itšoarang ka eona e qala ka mokhoa oo re nahanang ka oona. [Jak. 1:14, 15] [16, fy-SU leq. 148 ser. 18]
33. Jehova Molimo o nyenyefatsa bohle bao ka ho hloka tlhompho ba hanang ho hlokomela Bomolimo ba hae. [Ex. 5:2] [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 12/15 leq. 13 ser. 18.]
34. Le hoja Bibele e fa ntate boikarabelo bo ka sehloohong ba ho laea bana, ’mè le eena o na le karolo ea bohlokoa eo a lokelang ho e phetha. [Liprov. 1:8] [10, fy-SU leq. 133 ser. 12]
35. Molao o ne o sa lumelle bohlasoa e le phephi ea ho kōpa mohau ha motho a ne a bolailoe. [Ex. 21:29] [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 11/15 leq. 11 ser. 5.]