Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/06 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 5/06 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa May 15

“Na u nahana hore u ka thabela ho phela tlas’a maemo a hlalositsoeng temaneng ee e bululetsoeng? [Bala 2 Petrose 3:13. Ebe u emela karabo.] Makasine ena e hlalosa hore na maholimo a macha le lefatše le lecha ke eng. E boetse e hlalosa hore na bophelo bo tla ba joang ha Molimo a phethahatsa morero oa hae ka lefatše.”

Tsoha! May

“Batho ba bang ba lumela hore lefatšeng la kajeno katleho e finyelloa ka ho ba mabifi. Ho fapana le hoo, hlokomela seo Jesu a ileng a se khothalletsa. [Bala Matheu 5:5, 9.] Na u lumellana le mantsoe ao? [Emela karabo.] Makasine ena e totobatsa melemo e meraro ea ho ba le khotso.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 28.

Molula-Qhooa June 1

“Litsong tse ngata, ho bile le nako eo ka eona ba hōlileng ba neng ba hlomphuoa, joalokaha ho ka bonoa molaong ona oa boholo-holo. [Bala Levitike 19:32.] Na u nahana hore tlhompho e joalo e sa ntse e le teng kajeno? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla kamoo Molimo a tsotellang ba hōlileng kateng le kamoo le rōna re ka etsang se tšoanang.”

Tsoha! June

“Bokhukhuni hase ntho e ncha, empa kajeno bo nametse lefatšeng lohle, ’me bo ama bophelo ba e mong le e mong. U nahana hore ke hobane’ng ha ho le joalo? [Emela karabo.] Tsoha! ena e bontša seo Bibele e se buang ka nako eo ka eona bokhukhuni bo tla fela le kamoo Molimo a tla tlisa khotso ea ’nete lefatšeng.” Bala Mikea 4:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela