Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/04 leq. 1
  • Etsisa Toka ea Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Toka ea Jehova
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsisa Jehova—Sebelisa Toka le ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova—Mohloli oa Toka ea ’Nete le ho Loka ha ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova O Rata ho Loka le Toka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “Litsela Tsohle Tsa Hae li na le Toka”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 7/04 leq. 1

Etsisa Toka ea Jehova

1 “Jehova o rata toka.” (Pes. 37:28) Kahoo, le hoja a entse qeto ea hore lefatše lena le sa lokang le timetsoe, o lokiselitse hore batho ba lemosoe pele. (Mar. 13:10) Sena se fa batho monyetla oa ho baka le ho pholoha. (2 Pet. 3:9) Na re leka ka matla ho etsisa toka ea Jehova? Na masisa-pelo le mahlomola a moloko oa batho a re susumelletsa ho bolella ba bang ka tšepo ea ’Muso? (Liprov. 3:27) Ho rata toka ho tla re susumelletsa ho kopanela boboleling ka mafolofolo.

2 Bolela U sa Khethe: Ka ho bolella e mong le e mong morero oa Molimo re sa khethe, re ‘sebelisa toka.’ (Mik. 6:8) Re lokela ho hanela tšekamelo ea ho se phethahale ea ho ahlola ba bang ka ponahalo ea bona ea ka ntle. (Jak. 2:1-4, 9) “Thato ea [Jehova ke] hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Lentsoe la Molimo la ’nete le ka fetola bophelo ba batho ka tsela e tsotehang. (Baheb. 4:12) Ho hlokomela ’nete ena ho ka re susumelletsa ho atamela batho ka kholiseho, esita le ba sa kang ba re mamela nakong e fetileng.

3 Morali e mong oabo rōna ea sebetsang lebenkeleng o ne a tšosoa ke ponahalo ea motho ea tloaetseng ho reka lebenkeleng leo. Leha ho le joalo, ha ho hlaha monyetla o loketseng, o ile a leka ho mo pakela ka Paradeise eo Molimo a e tšepisitseng. Monna enoa a mo kharuma a re ha a lumele litšōmo le hore ke lehipi le lekhoba la lithethefatsi. Empa morali’abo rōna ha aa ka a tela. Ka letsatsi le leng monna eo a botsa morali’abo rōna hore na o nahana eng ka moriri oa hae o molelele, eaba morali’abo rōna o hlalosa ka masene seo Bibele e se buang ka taba ena. (1 Bakor. 11:14) Morali’abo rōna a hlolloa ha letsatsing le latelang monna enoa a beotse litelu a bile a le moriri o mokhutšoanyane! O ile a kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele, ’me mor’abo rōna e mong a thabela ho mo khannela eona, ’me a hatela pele ho fihlela a inehela le ho kolobetsoa. Joaloka monna enoa, kajeno ba bangata ba sebeletsang Jehova ba leboha ba ileng ba phehella ho ba tlisetsa molaetsa oa ’Muso ba sa khethe.

4 Haufinyane Jehova o tla felisa ho hloka toka lefatšeng lohle. (2 Pet. 3:10, 13) Ka nako ena e fokolang e setseng, e se eka re ka etsisa toka ea Jehova ka ho fa bohle monyetla oa ho pholoha timetso e tlang ea lefatše la Satane le hlokang toka.—1 Joh. 2:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela