Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/04 leq. 1
  • Mamello ea Putsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mamello ea Putsoa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mamello—E Bohlokoa Bakeng sa Bakreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lula Haufi le Mokhatlo oa Jehova
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Le be le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Re Lokela ho Talima Liteko Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 8/04 leq. 1

Mamello ea Putsoa

1 “Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.” (Luka 21:19) Mantsoe ana, ao e leng karolo ea boprofeta ba Jesu bo mabapi le “qetello ea tsamaiso ea lintho,” a bontša ka ho hlaka hore e le hore re boloke botšepehi, re lokela ho ikemisetsa ho tobana le liteko tse ngata. Empa ka matla a Jehova, e mong le e mong oa rōna a ka ‘mamella ho isa bofelong’ ’me a “pholoha.”—Mat. 24:3, 13; Bafil. 4:13.

2 Mahloriso, ho kula, mathata a lichelete le ho ferekana maikutlong ho ka etsa hore bophelo ba letsatsi le letsatsi bo be boima. Leha ho le joalo, le ka mohla re se lebale hore Satane o leka ho senya botšepehi ba rōna ho Jehova. Letsatsi ka leng leo ka lona re lulang re tšepahala ho Ntate oa rōna, re thusa ho araba phephetso ea Monyelisi. Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore ha re tobane le liteko “meokho” ea rōna ha e lebaloe! Ke ea bohlokoa ho Jehova, ’me botšepehi ba rōna bo mo thabisa pelo!—Pes. 56:8; Liprov. 27:11.

3 Ho Hloekisoa ke Liteko: Mahlomola a ka hlahatsa bofokoli ba tumelo kapa sekoli se itseng ho motho, se joaloka boikhohomoso kapa ho hloka mamello. Ho e-na le ho batla ho qoba kapa ho felisa liteko ka mekhoa eo e seng ea mangolo, re lokela ho mamela keletso ea Lentsoe la Molimo ea hore ‘mosebetsi oa mamello e ke e be o feletseng.’ Hobane’ng? Hobane ho mamella liteko ka botšepehi tlas’a matšoenyeho ho re thusa ho “ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle.” (Jak. 1:2-4) Mamello e ka re thusa ho hlaolela litšobotsi tsa bohlokoahali, tse joaloka ho ba le kahlolo e molemo, kutloelo-bohloko le mohau.—Bar. 12:15.

4 Tšobotsi e Lekiloeng ea Tumelo: Ha re mamella liteko, re ba le tšobotsi e lekiloeng ea tumelo, e leng ea bohlokoa haholo mahlong a Molimo. (1 Pet. 1:6, 7) Tumelo e joalo e re hlomella hore re lule re tiile tlas’a liteko tsa nakong e tlang. Ho feta moo, re ka elelloa hore Molimo oa re amohela, ’me sena se matlafatsa tšepo ea rōna, se etsa hore e be ea sebele haholoanyane ho rōna.—Bar. 5:3-5.

5 Moputso o fetisisang oa mamello o totobalitsoe ho Jakobo 1:12, e reng: “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo.” Kahoo, a re luleng re tiile boinehelong ba rōna ho Jehova, re kholisehile hore o tla putsa ka ho enneng “ba tsoelang pele ho mo rata.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela