Re Lokela ho Talima Liteko Joang?
LITEKO! Motho e mong le e mong o lokela ho tobana le tsona. Li ka ’na tsa bakoa ke botho bo sa tšoaneng, mathata a moruo, bokuli, ho hoheloa, khatello ea lithaka ea ho etsa bobe, mahloriso, mathata a re hlahelang ka lebaka la boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore kapa khahlanong le borapeli ba litšoantšo le lintho tse ling tse ngata. Ho sa tsotellehe hore na liteko li tla ka sebōpeho sefe, hangata li re tšoenya haholo. Re ka tobana le tsona joang ka katleho? Na ho na le tsela eo li re tsoelang molemo ka eona?
Tšehetso e Molemohali
Morena Davida oa boholo-holo o ile a hlaheloa ke liteko tse ngata bophelong ba hae, leha ho le joalo, o ile a shoa a tšepahala. O ile a khona joang ho mamella? O ile a bontša mohloli oa matla a hae ha a re: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.” Joale o ile a tsoela pele, a re: “Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe, kaha u na le ’na; molamu oa hao le lere la hao ke lintho tse ntšelisang.” (Pesaleme ea 23:1, 4) E, Jehova ke mohloli oa tšehetso e se nang meeli. E ile ea e-ba molisa oa Davida linakong tse boima, ’me o ikemiselitse ho re etsetsa se tšoanang ha ho hlokahala.
Re ka fumana tšehetso ea Jehova joang? Bibele e bontša tsela ea ho etsa sena ha e re: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.” (Pesaleme ea 34:8) Ena ke memo e mofuthu, empa e bolela’ng? Ke khothatso ea hore re sebeletse Jehova ’me re etse hore bophelo ba rōna bo lumellane ka botlalo le thato ea hae. Tsela e joalo e bolela ho lahleheloa ke karolo e ’ngoe ea tokoloho ea rōna, ho itela. Ka linako tse ling, e ka ba ea lebisa litekong—mahlorisong le ho utloeng bohloko. Leha ho le joalo, ba amohelang memo ea Jehova ka pelo eohle ba ke ke ba ikoahlaela hore ebe ba e amohetse. Jehova o tla ba molemo haholo ho bona. O tla ba tataisa ’me a ba hlokomele moeeng. O tla ba tšehetsa litekong ka Lentsoe la hae, moea oa hae o halalelang le phutheho ea Bokreste. Qetellong, o tla ba putsa ka bophelo bo sa feleng.—Pesaleme ea 23:6; 25:9; Esaia 30:21; Baroma 15:5.
Ba etsang qeto e fetolang bophelo ba bona ea ho sebeletsa Jehova le ba khomarelang qeto ena ba fumana hore Jehova o phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae. Ho bile joalo ho Baiseraele ba ileng ba latela Joshua ho ea Naheng e Tšepisitsoeng. Hang ha ba tšetse Jordane, ba ile ba lokela ho mamella liteko, ho loana lintoeng le ho ithuta habohloko. Empa moloko ona o ile oa tšepahala ho feta bo-ntat’a oona ba tsoileng Egepeta ’me ba shoela lefeelleng. Kahoo, Jehova o ile a tšehetsa ba tšepahalang, ’me ha Bibele e bua ka boemo ba bona qetellong ea bophelo ba Joshua, e re: “Jehova a ba fa phomolo ka hohle, ho ea ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a hlapanyelitse baholo-holo ba bona ka eona . . . Ha ho tšepiso e ileng ea hlōleha ho phethahala tšepisong eohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ea Iseraele; e ile ea phethahala kaofela.” (Joshua 21:44, 45) Le ho rōna ho ka ba joalo haeba re itšetleha ka Jehova ka ho feletseng ha re le tlas’a teko le ka linako tse ling tsohle.
Ke eng e ka fokolisang ho tšepa ha rōna Jehova? Jesu o ile a bua ka e ’ngoe ea lintho tsena ha a re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli . . . Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Matheu 6:24) Haeba re tšepa Jehova, re ke ke ra batla tšireletseho moo ba bangata lefatšeng ba e batlang teng, e leng linthong tse bonahalang. Jesu o ile a eletsa balateli ba hae a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle [tse bonahalang tse hlokahalang] le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Mokreste ea bolokang pono e leka-lekaneng ka lintho tse bonahalang le ea behang ’Muso oa Molimo pele bophelong ba hae o etsa khetho e nepahetseng. (Moeklesia 7:12) Ho hlakile hore a ka ’na a lahleheloa ke ho hong ha a etsa sena. A ka ’na a tela lintho tse bonahalang. Empa o tla rua meputso e mengata. Jehova o tla mo tšehetsa.—Esaia 48:17, 18.
Seo re Ithutang Sona ka Liteko
Ho hlakile hore ho khetha ho ‘latsoa le ho bona hore Jehova o molemo’ ha ho sireletse motho maemong a hlahang ka tšohanyetso a bophelo; ebile ha ho re sireletse ka ho feletseng litlhaselong tsa Satane le mahlahana a hae a batho. (Moeklesia 9:11) Ka lebaka leo, ho tiea ha Mokreste le boikemisetso ba hae li ka ’na tsa lekoa. Ke hobane’ng ha Jehova a tlohella barapeli ba hae hore ba hlaheloe ke liteko tse joalo? Moapostola Petrose o ile a fana ka lebaka le leng ha a ne a ngola: “Ka nakoana hona joale, haeba ho lokela ho ba joalo, le baketsoe mesarelo ke liteko tse sa tšoaneng, e le hore tšobotsi e lekiloeng ea tumelo ea lōna, ea bohlokoa bo boholo ho feta khauta e timelang ho sa tsotellehe ho pakoa ha eona ka mollo, e ka fumanoa e le lebaka la thoriso le khanya le tlhompho tšenolong ea Jesu Kreste.” (1 Petrose 1:6, 7) E, liteko li re lumella hore re bontše boleng ba tumelo ea rōna le lerato la rōna ho Jehova. Hape li thusa hore ho arabeloe linyefolo le liqoso tsa Satane Diabolose.—Liproverbia 27:11; Tšenolo 12:10.
Liteko li boetse li re thusa hore re hlaolele litšoaneleho tse ling tsa Bokreste. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a mopesaleme: “[Jehova] o bona ea ikokobetsang; empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.” (Pesaleme ea 138:6) Boholo ba rōna ha rea ikokobetsa ka tlhaho, empa liteko li ka re thusa hore re be le tšoaneleho ena ea bohlokoa. Nahana ka se ileng sa etsahala morao koana mehleng ea Moshe ha Baiseraele ba bang ba ne ba khathetse ke ho ja manna beke le beke, khoeli le khoeli. Ho totobetse hore sena e ne e le teko ho bona, le hoja manna e ne e le tokisetso ea mohlolo. Sepheo sa teko ee e ne e le sefe? Moshe o ile a re ho bona: “[Jehova o] u fepile manna lefeelleng . . . hore a u kokobetse le hore a u leke.”—Deuteronoma 8:16.
Boikokobetso ba rōna bo ka lekoa ka ho tšoanang. Joang? Ka mohlala, re itšoara joang ha ho etsoa liphetoho mokhatlong o hlophisitsoeng? (Esaia 60:17) Na ka pelo eohle re tšehetsa mosebetsi oa ho bolela le ho ruta? (Matheu 24:14; 28:19, 20) Na ka mafolofolo re amohela litlhaloso tsa ’nete ea Bibele tse fanoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene”? (Matheu 24:45-47; Liproverbia 4:18) Na re loantša khatello ea hore re be le lisebelisoa tsa morao-rao, liaparo tse fesheneng, kapa koloi ea morao-rao? Motho ea ikokobelitseng o tla khona ho re e, lipotsong tsena.—1 Petrose 1:14-16; 2 Petrose 3:11.
Liteko li boetse li re thusa hore re hlaolele tšoaneleho e ’ngoe ea bohlokoa—mamello. Morutuoa Jakobo o ile a re: “Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng, joalokaha le hlile le tseba hore tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lōna e hlahisa mamello.” (Jakobo 1:2, 3) Ho mamella ka katleho liteko tse latellanang u itšetlehile ka Jehova ka ho feletseng ho hlahisa ho tiea, botsitso le botšepehi. Ho re matlafatsa hore re loantše litlhaselo tseo Satane, molimo ea halefileng oa lefatše lena, a tla li etsa nakong e tlang.—1 Petrose 5:8-10; 1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:12.
Boloka Pono e Loketseng ka Liteko
Mora ea phethahetseng oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a tobana le liteko tse ngata ha a le lefatšeng ’me o ile a rua melemo e meholo ka ho li mamella. Pauluse o ile a ngola hore Jesu “o ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona.” (Baheberu 5:8) Botšepehi ba hae ho isa lefung bo ile ba tlotlisa lebitso la Jehova ’me ba etsa hore Jesu a nyehele bohlokoa ba bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo ea batho. Sena se ile sa bula tsela bakeng sa ba bontšang tumelo ho Jesu hore ba lebelle bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Kaha Jesu o ile a lula a tšepahala tlas’a teko, hona joale ke Moprista oa rōna ea Phahameng le Morena ea behiloeng teroneng.—Baheberu 7:26-28; 12:2.
Na le rōna re tla rua molemo? Botšepehi ba rōna tlas’a liteko le bona bo tlisa litlhohonolofatso tse khōlō. Ha e bua ka ba nang le tšepo ea ho phela leholimong, Bibele e re: “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo, oo Jehova a o tšepisitseng ba tsoelang pele ho mo rata.” (Jakobo 1:12) Ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tiisetsoa hore haeba ba mamella ka botšepehi, ba tla rua bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 21:3-6) Ntho ea bohlokoa haholo ke hore ho mamella ha bona ka botšepehi ho tlotlisa lebitso la Jehova.
Ha re ntse re latela mehatong ea Jesu, re ka kholiseha hore re ka atleha ho hlōla liteko tsohle tseo re tobanang le tsona tsamaisong ena ea lintho. (1 Bakorinthe 10:13; 1 Petrose 2:21) Joang? Ka ho tšepa Jehova, ea fanang ka “matla a fetang se tloaelehileng” ho ba itšetlehileng ka eena. (2 Bakorinthe 4:7) E se eka re ka kholiseha joaloka Jobo, eo leha a ntse a mameletse liteko tse matla a ileng a lumela ka kholiseho, a re: “Ka mor’a hore a nteke, ke tla tsoa ke le joaloka khauta.”—Jobo 23:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Botšepehi ba Jesu tlas’a teko bo ile ba tlotlisa lebitso la Jehova. Le ba rōna bo ka etsa joalo