“Ho Thaba Motho ea Ntseng a Tsoela Pele ho Mamella Teko”
1 Bakreste bohle ba thulana le liteko. (2 Tim. 3:12) Liteko li ka re tlela ka litsela tse kang ho fokolloa ke bophelo, mathata a moruo, ho lekoa, ho hlorisoa kapa li ka tla ka litsela tse ling tse ngata. Morero oa liteko tseo re li tlisetsoang ke Satane ke ho etsa hore re khoehlise, re se natse tšebeletso ea rōna ea Bokreste kapa re hle re khaotse ho sebeletsa Molimo. (Jobo 1:9-11) Ho mamella liteko ho tlisetsa motho thabo ka tsela efe?—2 Pet. 2:9.
2 Itokisetse Liteko: Jehova o re file Lentsoe la hae la ’nete, le akarelletsang tlaleho ea bophelo ba Jesu le lithuto tsa hae. Ha re mamela lipolelo tsa Jesu, re bile re etsa seo li se bolelang, re rala motheo o tiileng ’me ka tsela eo re itokisetsa nako ea mathata. (Luka 6:47-49) Re boetse re fumana matla litokisetsong tse ling—barab’abo rōna ba Bakreste, liboka tsa phutheho le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse tsoang ho sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Re sebelisa mpho ea Molimo ea thapelo haholo.—Mat. 6:13.
3 Jehova o boetse o re file tšepo. Ha re matlafatsa tumelo ea rōna litšepisong tsa Jehova, tšepo ea rōna e ba ‘ankora ea ’nete le e tiileng bakeng sa moea.’ (Baheb. 6:19) Mehleng ea ha Bibele e ne e ngoloa, ha ho mohla likepe li neng li tloha koung li se na ankora, leha maemo a leholimo a le matle. Haeba ho ne ho ka tsoha sefefo ka tšohanyetso, ho akhela ankora ka metsing ho ne ho ka thiba sekepe hore moea o se ke oa se khehlemanya lebōpong la leoatle le tletseng mafika. Ka tsela e tšoanang, ho matlafatsa tumelo ea rōna litšepisong tsa Molimo hona joale ho tla re thusa hore re se ke ra sisinyeha ha re tobana le liteko tse kang lifefo. Mathata a ka hlaha ka tšohanyetso. Le hoja qalong Pauluse le Barnabase ba ile ba amoheloa ka mofuthu ha ba ne ba bolela Lystra, maemo a ile a fetoha ka tšohanyetso ha bahanyetsi ba Bajuda ba fihla.—Lik. 14:8-19.
4 Mamello e Tsoala Thabo: Haeba re tsoela pele re bolela ho sa tsotellehe khanyetso re ba le khotso ea kelello. Rea thaba ha re nkoa re le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la Kreste. (Lik. 5:40, 41) Ho mamella liteko ho re thusa ho ba le litšobotsi tse kang boikokobetso, ho mamela, le ho mamella ka botlalo. (Deut. 8:16; Baheb. 5:8; Jak. 1:2, 3) Ho re ruta ho itšetleha ka Jehova, ho tšepa litšepiso tsa hae le ho balehela ho eena.—Liprov. 18:10.
5 Rea tseba hore liteko ke lintho tsa nakoana. (2 Bakor. 4:17, 18) Liteko li re fa menyetla ea ho bontša hore na lerato la rōna ho Jehova le tebile hakae. Ho mamella ha rōna liteko, ho ka shanofatsa liqoso tsa Satane. Ka lebaka leo, ha re tele! “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo.”—Jak. 1:12.