Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/04 leq. 4
  • Karolo ea 3: Ho Sebelisa Mangolo Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo ea 3: Ho Sebelisa Mangolo Hamolemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Ela Hloko ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Ho Khanna Thuto ea Lehae ea Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 11/04 leq. 4

Karolo ea 3: Ho Sebelisa Mangolo Hamolemo

Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele

1 Re khanna lithuto tsa Bibele ka sepheo sa ho ‘etsa batho barutuoa’ ka ho ba thusa ho utloisisa le ho amohela lithuto tsa Lentsoe la Molimo le ho li sebelisa bophelong ba bona. (Mat. 28:19, 20; 1 Bathes. 2:13) Ka lebaka leo, thuto e lokela ho thehoa Mangolong. Qalong, ho ka ba molemo ho bontša liithuti kamoo li ka fumanang litemana kateng Libibeleng tsa tsona. Leha ho le joalo, re ka sebelisa Mangolo joang ho li thusa ho hatela pele moeeng?

2 Khetha litemana tse tla baloa: Ha u lokisetsa, batla kamoo lengolo ka leng le bontšitsoeng le sebetsang kateng ntlheng e ithutoang, ’me u khethe mangolo a tla baloa le a tla buelloa nakong ea thuto. Ka tloaelo, ho molemo ho bala a bontšang hore tumelo ea rōna e thehiloe Mangolong. Ha ho hlokahale hore ho baloe litemana tse fanang ka boitsebiso bo akaretsang. Nahanela litlhoko le maemo a seithuti ka seng.

3 Botsa lipotso: Ho e-na le ho hlalosetsa seithuti litemana tsa Bibele, e-re se u hlalosetse tsona. U ka se susumelletsa ho etsa sena ka ho botsa lipotso ka tsela e bohlale. Haeba tsela eo lengolo le sebetsang ka eona e hlakile, ka bonolo u ka se botsa hore na temana eo e tšehetsa joang se boletsoeng serapeng. Maemong a mang, ho ka hlokahala hore u botse potso e tobileng kapa letoto la lipotso e le hore u ka thusa seithuti ho fihlela qeto e nepahetseng. Haeba ho hlokahala litlhaloso tse eketsehileng, li ka etsoa ka mor’a hore seithuti se arabe.

4 E nolofatse: Hangata motho ea hloahloa ea fulang metsu o hloka motsu o le mong feela e le hore a ka nepa ntho e korotsoeng. Ka ho tšoanang, mosuoe ea nang le tsebo ha a hloke mantsoe a mangata e le hore a ka hatisa ntlha. A ka fetisa boitsebiso ka mokhoa o bonolo, o hlakileng le o nepahetseng. Ka linako tse ling, u ka ’na ua lokela ho etsa lipatlisiso ka har’a lingoliloeng tsa Bokreste e le hore u ka utloisisa lengolo le itseng le ho le hlalosa ka nepo. (2 Tim. 2:15) Empa qoba ho batla ho hlalosa lintlha tsohle tsa lengolo le leng le le leng nakong ea thuto. Akarelletsa feela se hlokahalang ho hlakisa taba e tšohloang.

5 Bontša kamoo taba e ka sebelisoang kateng: Ha ho loketse, thusa seithuti ho bona kamoo litemana tsa Bibele li sebetsang kateng ho sona. Ka mohlala, ha u tšohla Baheberu 10:24, 25 le seithuti se e-song ho be teng libokeng tsa Bokreste, u ka ’na ua buella seboka se seng ’me ua se mema hore se be teng ho sona. Empa u se ke ua se qobella. Lumella Lentsoe la Molimo ho susumelletsa seithuti ho nka bohato bo hlokahalang hore se khahlise Jehova.—Baheb. 4:12.

6 Ha re ntse re phetha thōmo ea ho etsa barutuoa, e se eka re ka “ntšetsa pele ho mamela ka tumelo” ka ho sebelisa Mangolo hamolemo.—Bar. 16:26.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho hatisa Mangolo ha re khanna lithuto tsa Bibele?

2. Re khetha joang hore na ke litemana life tsa Bibele tse tla baloa le tse tla buelloa?

3. Molemo oa ho botsa lipotso ke ofe, ’me re ka etsa joalo joang?

4. Mangolo ao re a balang re lokela ho a hlalosa ho isa bohōleng bofe?

5, 6. Re ka thusa liithuti joang ho sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong ba tsona, empa re lokela ho qoba eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela