Boboleli bo re Thusa Hore re Mamelle
1 Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho ‘matha ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.’ (Baheb. 12:1) Joalokaha ho hlokahala hore semathi se be le mamello e le hore se atlehe tlhōlisanong, le rōna ho hlokahala hore re be le mamello hore re finyelle moputso oa bophelo bo sa feleng. (Baheb. 10:36) Tšebeletso ea Bokreste e ka re thusa joang hore re mamelle ka botšepehi ho fihlela qetellong?—Mat. 24:13.
2 Re Matlafatsoa Moeeng: Ho bolela ha rōna tšepiso ea Bibele e babatsehang ea lefatše le lecha la ho loka ho re thusa ho etsa hore tšepo ea rōna e lule e khanya. (1 Bathes. 5:8) Ha re kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo, re ba le monyetla oa ho tsebahatsa linnete tseo re ithutileng tsona Bibeleng. Re ba le monyetla oa ho sireletsa tumelo ea rōna, eo ka lehlakoreng le leng e re matlafatsang moeeng.
3 E le hore re atlehe ho ruta ba bang, rōna ka borōna re lokela ho utloisisa linnete tsa Bibele ka ho hlaka. Re lokela ho etsa lipatlisiso le ho thuisa ka boitsebiso boo. Boiteko bo tiileng boo re bo etsang bo chorisa tsebo ea rōna, bo matlafatsa tumelo ea rōna, ’me bo re khatholla moeeng. (Liprov. 2:3-5) Kahoo, ha re ntse re batla ho thusa ba bang, rōna ka borōna rea matlafala.—1 Tim. 4:15, 16.
4 Ho kopanela tšebeletsong ka cheseho ke karolo ea bohlokoa ea “lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo,” tseo re li hlokang e le hore re eme re tiile khahlanong le Diabolose le bademona. (Baef. 6:10-13, 15) Ho tšoareha ha rōna tšebeletsong e halalelang ho re thusa ho tsepamisa likelello tsa rōna linthong tse hahang le ho qoba ho silafatsoa ke lefatše la Satane. (Bakol. 3:2) Ha re ntse re ruta ba bang litsela tsa Jehova, re hopotsoa joalo-joalo hore ho hlokahala re lule re halalela boitšoarong.—1 Pet. 2:12.
5 Re Matlafatsoa ke Molimo: Ntlha ea ho qetela ke hore ho kopanela ha rōna mosebetsing oa ho bolela evangeli ho re ruta ho tšepa Jehova. (2 Bakor. 4:1, 7) Eo ke tlhohonolofatso e kaakang! Ha re hlaolela tšepo e joalo ha re hlomelloe feela bakeng sa ho phetha bosebeletsi ba rōna empa re boetse re hlomelloa bakeng sa ho sebetsana ka katleho le maemo leha e le afe ao re ka talimanang le ’ona bophelong. (Bafil. 4:11-13) Ka sebele, ho hlokahala hore re ithute ho tšepa Jehova ka ho feletseng e le hore re ka mamella. (Pes. 55:22) Boboleli bo re thusa ka litsela tse ngata hore re mamelle.