Karolo ea 10: Ho Koetlisa Liithuti Tšebeletsong ea Ntlo le Ntlo
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1 Ha baholo ba etsa qeto ea hore seithuti sa Bibele se tšoaneleha hore e ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, se ka kopanela le phutheho mosebetsing oa ho bolela phatlalatsa. (Bona Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, maq. 79-81.) Re ka thusa seithuti joang ho tobana le phephetso ea ho bolela ka ntlo le ntlo?
2 Ho Lokisetsa Hammoho: Ha ho na ntho e nkang sebaka sa tokisetso e molemo. Bontša seithuti moo se ka fumanang linehelano tse fanoeng e le mohlala Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso le bukeng ea Ho Bea Mabaka, ’me u se thuse ho khetha katamelo e bonolo e sebetsang tšimong ea phutheho. Li sa tloha feela, se khothalletse ho sebelisa Bibele haholo tšebeletsong ea sona.—2 Tim. 4:2.
3 Mananeo a ho itlhakisa a molemo haholo ho mohoeletsi e mocha. Ha seithuti se itlhakisetsa nehelano, se bontše kamoo se ka sebetsanang ka masene le tsela eo batho ba tloaetseng ho arabela ka eona tšimong. (Bakol. 4:6) Se kholise hore ha ho hlokahale hore basebeletsi ba Bakreste ba tsebe karabo ea potso e ’ngoe le e ’ngoe eo mong’a ntlo a ka e botsang. Hangata ho molemo ho sebetsana le lipotso tse joalo ka ho ithaopela ho etsa patlisiso ebe u tšohla taba eo haholoanyane leetong la ho boela.—Liprov. 15:28.
4 Ho Paka Hammoho: Ha seithuti se kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo ka lekhetlo la pele, etsa hore se bone ha u fana ka nehelano eo le e lokiselitseng hammoho. Ebe u se fa monyetla oa ho kopanela. Maemong a mang, ho ka ba molemo ho etsa hore mohoeletsi e mocha a fane ka karolo e itseng feela ea nehelano, e kang ho bala lengolo le ho le hlalosa. Nahanela botho le bokhoni ba seithuti. (Bafil. 4:5) Se babatse ka bolokolohi ha u ntse u se koetlisa likarolong tse sa tšoaneng tsa mosebetsi oa boboleli.
5 Ke habohlokoa ho thusa mohoeletsi e mocha hore a be le kemiso ea kamehla ea ho kopanela tšebeletsong, a etse seo beke le beke haeba ho khoneha. (Bafil. 3:16) Etsa litokisetso tse tobileng tsa hore le sebetse hammoho tšebeletsong, ’me u mo khothalletse hore a boele a sebetse le ba bang ba chesehang. Mohlala le botsoalle ba bona li tla mo thusa ho ba le tsebo le ho fumana thabo boboleling ba ntlo le ntlo.