Karolo ea 11: Ho Thusa Liithuti ho Etsa Maeto a ho Boela
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1 Ha seithuti sa Bibele se qala ho kopanela mosebetsing oa boboleli, se tla kopana le batho ba thahasellang litaba tse molemo. Re ka thusa mohoeletsi e mocha joang hore a etse maeto a ho boela a atlehang le ho hlaolela thahasello eo a e fumanang?
2 Leeto la ho boela le qala ho lokisetsoa hona leetong la pele. Khothalletsa seithuti hore se thahaselle ka tieo batho bao se buisanang le bona. (Bafil. 2:4) Tsoela pele ho koetlisa seithuti hore se kōpe beng ba matlo ho ntša maikutlo a bona, hore se mamele litlhaloso tsa bona le ho hlokomela lintho tseo ba amehileng ka tsona. Ha motho a bontša thahasello, e-re mohoeletsi e mocha a ngole boitsebiso bo loketseng mabapi le leeto leo. Sebelisa boitsebiso boo ho thusa seithuti ho lokisetsa puisano e ’ngoe hape.
3 Ho Lokisetsa Leeto la ho Boela: Hlahloba leeto la pele ’me u bontše seithuti kamoo se ka khethang tšobotsi e itseng ea molaetsa oa ’Muso e tlang ho ipiletsa ho mong’a ntlo. (1 Bakor. 9:19-23) Lokisetsang hammoho nehelano e khutšoanyane e buellang temana e le ’ngoe ea Bibele hammoho le serapa se le seng bukeng e ithutoang. Ho phaella moo, lokisetsa potso e ka botsoang qetellong ea puisano e le ho rala motheo bakeng sa leeto le latelang. Bontša mohoeletsi e mocha kamoo a ka eketsang tsebo ea motho Lentsoeng la Molimo leetong ka leng le latelang.
4 Hape ho molemo ho ruta seithuti kenyelletso e bonolo. Ka mor’a hore se lumelise mong’a ntlo, se ka ’na sa re: “Ke ile ka thabela moqoqo oa rōna nakong e fetileng, ’me ke khutlile hore re tl’o buisana ka litaba tse eketsehileng tsa Bibele tse buang ka [bolela sehlooho].” Hape ho ka ’na ha hlokahala hore u bontše mohoeletsi e mocha hore na a etse joang haeba ho hlaha motho eo a sa buisanang le eena leetong la pele.
5 Latella Thahasello ka Mafolofolo: Khothalletsa seithuti ho beha mohlala o motle ka ho khutlela kapele ho bohle ba bontšang thahasello. Hore re fumane batho ba le teng malapeng, ho ka ’na ha hlokahala hore re phehelle ho khutlela ho bona. Ruta seithuti kamoo se ka etsang litokisetso tsa ho etela motho hape, ’me u se thuse ho utloisisa kamoo ho leng bohlokoa kateng ho khutla joalokaha se tšepisitse. (Mat. 5:37) Koetlisa mohoeletsi e mocha hore a be mosa, a nahanele ’me a bontše thlompho ha a ntse a batla batho ba kang linku a bile a leotsa thahasello ea bona.—Tite 3:2.