Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 11 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. U Sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 (haeba li loketse tšimong ea lōna), lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa July 15 le Tsoha! ea August 8. Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse loketseng. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea ho buisana le motho ea ka ’nang a khaoletsa moqoqo ka ho re “Ke tšoarehile.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 19-20.
15 mets: Bua ka litokisetso tsa tšimo e sa abuoang. E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Hlahloba lengolo le buang ka tšimo e sa abuoang, la la 31 May, 2005, lingoliloeng tse tsamaisoang, matsatsi, sebaka se lokelang ho sebetsoa, litokisetso tsa marobalo le tsa lipalangoang. Na ba bang ba ka nka bopula-maliboho bo thusang? Liphutheho tse sa eeng tšimong e sa abuoang li lokela ho bua ka litokisetso tsa ho sebetsa tšimo e sa sebetsoeng kamehla.
20 mets: “Ho Finyella Batho ba Bangata Kamoo ho ka Khonehang.”a Ha le tšohla serapa sa 5, hlahloba litlhahiso tse sebetsang tšimong ea lōna tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea June 2005, leqepheng la 8.
Pina ea 88 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ka bokhutšoanyane tšohla Molula-Qhooa oa August 15, 2000, leqepheng la 32. Totobatsa melemo ea ho ba le lenaneo la ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, esita le ha re le matsatsing a phomolo le linakong tseo re sa lateleng mokhoa oa rōna o tloaelehileng oa ho etsa lintho.
15 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele—Karolo ea 11.”b Kopanyelletsa le pontšo eo ho eona mokhanni oa thuto le mohoeletsi e mocha ba lokisetsang leeto la ho boela. Ba hlahloba lintlha tsa leeto la pele ’me ba khetha ntlha e loketseng eo ba ka buang ka eona leetong la ho boela. Hape ba lokisetsa kenyelletso e bonolo le potso e ka botsoang qetellong ea leeto leo. Pontšo e phetheloa ba le mothating oa ho itlhakisetsa nehelano eo ba e lokiselitseng.
20 mets: Thusa ba Bang ho Ananela Bibele. Puisano ea lipotso le likarabo e thehiloeng bukeng ea Rapela Molimo, leqepheng la 24-5, serapeng sa 3-6. Sebelisa lipotso tsa thuto tse bukeng. Kopanyelletsa le litlhaloso tse bukaneng ea Buka ea Batho Bohle, leqepheng la 32.
Pina ea 10 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 July
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa ho qetela bakeng sa tšimo e sa abuoang, e qalang ka la 1 August. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 (haeba li loketse tšimong ea lōna), lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa August 1 le Tsoha! ea August 8. Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse loketseng. Pontšo e ’ngoe e be ea mohoeletsi ea fanang ka limakasine ka mokhoa o sa reroang ’marakeng kapa maemong a mang a loketseng moo batho ba leng bangata.
10 mets: Kenya ’Nete ka Botebo Pelong ea Ngoana oa Hao. (Deut. 6:7) Puo e fanoang ke moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa August 15, 2002, leqepheng la 30-1. Totobatsa melao-motheo ea Mangolo e tataisang tabeng ea ho koetlisa ngoana haeba motsoali oa Mokreste a e-na le molekane eo e seng Paki.
20 mets: “Molato oo re Nang le Oona ho ba Bang.”c Kopanyelletsa le litlhaloso tse Molula-Qhooeng oa July 1, 2000, leqepheng la 11, serapeng sa 13.
Pina ea 82 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 1 August
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi ho fana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa July. Kōpa bamameli hore ba phetle buka ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 70 ’me u buisane le bona ka serapa sa 1-2 le lebokose le reng “Kamoo U ka Fanang ka Litlhaloso Libokeng.”
15 mets: “Thusa Bana ba Hao Hore ba Tsoele Pele Tšebeletsong.” Puo le puisano le bamameli. Kopanyelletsa le pontšo eo motsoali le ngoana ba sebelisang nehelano e bonolo. E-re motsoali a phethele nehelano eo ka ho hlalosa tokisetso ea monehelo ka bokhutšoanyane.
15 mets: Na U Lekile Nehelano e Tenyetsehang? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea January 2005, leqepheng la 6. Hlahloba litlhahiso tse fanoeng, ’me u bontše hore na nehelano e tenyetsehang e ka sebelisoa joang ha ho fanoa ka lingoliloeng tse tsamaisoang ka August. Etsa pontšo ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli.
Pina ea 218 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.