Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa July 15
“Nakong ea lilemo tse likete tsa histori ea motho, moloko oa batho o hlahisitse litumelo tse ngata tse sa tšoaneng. Na u nahana hore motho a ka tseba hore na tsa ’nete ke life le hore na tsa bohata ke life? [Emela karabo.] Makasine ena e bolela hore na ke hokae moo u ka fumanang lithuto tsa ’nete tse khahlisang Molimo.” Bala 2 Timothea 3:16.
Molula-Qhooa Aug. 1
“Kajeno batho ba bangata ba loantšana le ho ikutloa ba se na thuso. U nahana hore ke’ng se ka etsoang ho ba thusa? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla kamoo Bibele e ka thusang batho ba joalo hore ba fumane thabo ea ’nete.” Hatisa mangolo a ngotsoeng ka mongolo o motenya o tšekaletseng sehloohong se reng “Bibele e ka U Thusa Hore U Thabe.”
Tsoha! Aug. 8
“Batho ba bangata ba lula ba tšohile. U nahana hore ke hobane’ng ha batho ba tšohile hakaale? [Emela karabo.] Makasine ena e fana ka litlhahiso tse sebetsang tsa hore re itšireletse likotsing tse tloaelehileng. Hape e bua ka tšepiso ea Bibele ea lefatše leo ho lona ho se nang tšabo.” Bala Esaia 11:9.
Nehelano e ’ngoe: “Ho utloisa bohloko ho bona mahlomola a bakoang ke likoluoa tsa tlhaho. [Bolela mohlala o tsejoang sebakeng sa heno.] Na u nahana hore likoluoa tse joalo li ntse li eketseha? [Emela karabo.] Makasine ena e hlahloba potso eo. Hape e tšelisa ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona litlokotsing tse joalo.” Bala Johanne 5:28, 29.