Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/07 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 7/07 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa July 15

“Ha batho bao re ba ratang ba e-shoa re ka utloa bohloko haholo. Na u nahana hore ho na le karolo e ’ngoe ea bona e tsoelang pele e ntse e phela? [Emela karabo.] Jesu o fane ka tšepiso ena e khothatsang. [Bala Johanne 5:28, 29.] Kaha Jesu o itse tsoho ea bafu ‘ea tla,’ makasine ena e sebelisa Bibele ho hlalosa hore na bafu ba hokae hona joale.”

Tshoa! July

“Batho ba bangata ba leka ho phela ka tsela e ntle ka ho fetisisa eo ba ka e khonang ’me ba nahana hore ho ba motho ea molemo ke taba ea bohlokoa. Na eo ke eona tsela eo u talimang bophelo ka eona? [Emela karabo.] Hlokomela hore na bothata ke bofe haeba seo re se nkang e le se molemo se fapane le seo Molimo a se nkang se le molemo. [Bala Liproverbia 14:12.] Sehlooho sena se tšohla hore na ho bolela’ng ho ba motho ea molemo mahlong a Molimo.” Buella sehlooho se leqepheng la 20.

Molula-Qhooa Aug. 1

“Ke rata ho utloa maikutlo a hao mabapi le taba eo Jesu a ileng a e bua. [Bala Matheu 5:3.] Na u nahana hore bomoea ke ntho ea bohlokoa hore motho e be ea thabileng? [Emela karabo.] Makasine ena e hlalosa hore na Bibele e reng ka bomoea ba ’nete le hore na motho a ka bo finyella joang.”

Tshoa! Aug.

“U nahana hore batsoali ba ka fumana keletso e ka ba thusang e le kannete hokae? [Emela karabo.] Ela hloko tšepiso ena e fumanoang ka Bibeleng. [Bala 2 Timothea 3:16.] Makasine ena e bontša kamoo Bibele e ka thusang batsoali kateng hore ba hōlise bana ba bona hore ebe ba thabileng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela