Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa July 15
“Haeba ketsahalo e kang ena [e setšoantšong se sekoahelong] e ne e ka tlalehoa litabeng kajeno, mohlomong batho ba bangata ba ne ba ka ba le lipelaelo. U nahana’ng ka seo? [Emela karabelo. Ebe u bala Mareka 4:39.] Ho na le bopaki bofe ba hore mehlolo e entsoeng ke Jesu e ne e le ea sebele? Molula-Qhooa ona o tšohla potso eo.”
Molula-Qhooa Aug. 1
“Le hoja moloko oa batho o arohane hakana, ba bang ba nahana hore khotso ea lefatše e ka finyelloa feela ka ’muso oa lefatše. Na u nahana hore seo se ka etsahala? [Emela karabelo. Ebe u bala Daniele 2:44.] Makasine ena e tšohla seo ’Muso oa Molimo o se finyellang hona joale le kamoo haufinyane o tla tlisa khotso lefatšeng.”
Tsoha! Aug. 8
“Lefatšeng la kajeno, linokoane li lula li loha mano a macha a ho qhekella batho ba sa nahaneng hore ba ka etsoa hampe. Na see sea u tšoenya? [Emela karabelo.] Tsoha! ena e tšohla litlhokomeliso tse seng kae tsa motheo tse ka re thusang ho itšireletsa hore re se ke ra qhekelloa.” Bala Liproverbia 22:3.
Nehelano e ’ngoe: “Kaofela ha rōna re utloa bohloko ha re utloa kamoo bana ba tlatlapuoang kateng. Mohlomong u kile ua ipotsa, ‘Na ruri Molimo oa tsotella?’ [Emela karabelo. Ebe u bala Pesaleme ea 72:12-14.] Sehlooho sena se tšohla kamoo Molimo a ikutloang kateng ka bana le kamoo haufinyane a tla lokolla ka ho sa feleng bohle ba tšoeroeng hampe.”