Sekolo se re Thusang ho Sebelisa Seo re Ithutang Sona
1 Ha re ntse re hlahloba boitsebiso bo Kemisong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea 2006, re leka ka matla ho rua molemo lithutong tsa Mangolo ka ho li sebelisa tšebeletsong ea rōna e halalelang le bophelong ba letsatsi le letsatsi. Re etsa bonnete ba hore re sebelisa lintho tseo re ithutang tsona.—Joh. 13:17; Bafil. 4:9.
2 Likarabo: Kemisong ea selemo sena nako ea likarabo tsa bamameli e ekelitsoe ka motsotso puong ea lintlha tse khōlō tsa Bibele. Sena se bolela hore mor’abo rōna ea abetsoeng ho fana ka lintlha tse khōlō o lokela ho ba hlokolosi hore a phethe karolo ea hae ka metsotso e mehlano, eseng e tšeletseng. Ba arabang ba lutse litulong tsa bona le bona ba lokela ho ba hlokolosi ka nako. Ka ho nahana ka hloko esale pele, motho ea arabang a ka fana ka boitsebiso bo molemo ka metsotsoana e 30 kapa e ka tlaase ho moo. Bonyane batho ba leshome ba ka khona ho fana ka likarabo tse molemo ka metsotso e mehlano e abetsoeng likarabo tsa bamameli.
3 Lipuo Tse Rutang: Lintlha tse khōlō tsa Bibele le puo ea taeo li lokela ho totobatsa hore na boitsebiso boo ke ba bohlokoa hakae tšebeletsong ea rōna le likarolong tse ling tsa bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Sebui ha sea lokela feela ho khothalletsa bamameli ho nka bohato. Se lokela ho qaqisa hore na ho hlokahala hore ba nke bohato bofe, se bontše kamoo sena se ka finyelloang kateng, ’me se totobatse melemo ea ho nka bohato bo joalo. Se ka ’na sa re, “Temana ena e re eletsa hore re etse sena,” kapa “Re ka sebelisa litemana tsena ka tsela ena tšebeletsong.” Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tsebang maemo a phutheho, ba lokela ho loanela ho toba taba ka hohle kamoo ba ka khonang ha ba bontša kamoo boitsebiso bo ka sebelisoang kateng.
4 Ho bolela mehlala ea Bibele ho ka ba molemo haholo ha ho bontšoa kamoo taba e ka sebelisoang kateng. Ka mor’a ho bua ka mohlala oa Mangolo, sebui se ka re, “Le uena u ka ’na ua iphumana u le boemong bo kang bona.” Se lokela ho tiiseha hore tsela eo se sebelisang mohlala oa Bibele ka eona e lumellana le moelelo oa taba, le Bibele eohle le lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Mat. 24:45.
5 Bohlale ke matla a ho sebelisa tsebo le kutloisiso ka katleho. “Bohlale ke ntho ea bohlokoa.” (Liprov. 4:7) Ha re ntse re fumana bohlale bo sebetsang ho seo re ithutang sona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, e se eka le rōna re ka ntlafatsa matla a rōna a ho bo fetisetsa ho ba bang.