Likhopotso Tsa Sehopotso
Mokete oa Sehopotso selemong sena o ka Laboraro la la 12 April. Baholo ba lokela ho ela hloko lintho tse latelang.
◼ Ha le beha nako ea seboka, etsang bonnete ba hore litšoantšetso ha li fetisoe pele letsatsi le likela.
◼ E mong le e mong, ho akarelletsa le sebui, o lokela ho tsebisoa nako e nepahetseng le sebaka seo mokete o tla tšoareloa ho sona.
◼ Mofuta o nepahetseng oa bohobe le veine o lokela ho fumanoa ’me o lokisoe.—Bonang Molula-Qhooa oa February 15, 2003, maq. 14-15.
◼ Lipoleiti, likhalase, tafole e loketseng le lesela la tafole li lokela ho tlisoa holong ’me li behoe sebakeng se loketseng pele ho nako.
◼ Holo ea ’Muso kapa sebaka se seng seo ho tla tšoareloa seboka ho sona li lokela ho hloekisoa hantle pele ho nako.
◼ Bahlokomeli le ba fetisang litšoantšetso ba lokela ho khethoa le ho fuoa litaelo esale pele tse mabapi le mesebetsi ea bona, tsamaiso e nepahetseng e lokelang ho lateloa le hore ho hlokahala moaparo le boitlhopho bo hlomphehang.
◼ Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa ho isa litšoantšetso ho motlotsuoa ofe kapa ofe ea kulang ’me a sa khone ho ba teng.
◼ Haeba ho lokiselitsoe hore Holo ea ’Muso e sebelisoe ke liphutheho tse fetang e le ’ngoe, li lokela ho sebelisana hantle e le hore ho se ke ha e-ba le tšubuhlellano e sa hlokahaleng phasejeng kapa monyako, litseleng tsa sechaba le moo ho pakoang likoloi teng.