Likhopotso Tsa Sehopotso
Tšebeletso ea Sehopotso selemong sena e tla ba ka Mantaha oa la 2 April. Baholo ba lokela ho hlokomela lintlha tse latelang.
◼ Ha le beha nako ea seboka, etsang bonnete ba hore litšoantšetso li ke ke tsa fetisoa pele letsatsi le likela.
◼ E mong le e mong, ho akarelletsa le sebui, o lokela ho tsebisoa nako e nepahetseng le sebaka seo sehopotso se tla tšoareloa ho sona.
◼ Ho lokela ho fumanoe bohobe le veine ea mofuta o nepahetseng ’me li be boemong bo loketseng esale pele.—Bonang Molula-Qhooa oa February 15, 2003, maq. 14-15.
◼ Lipoleiti, likhalase, tafole e loketseng le lesela la tafole li lokela ho tlisoa holong ’me li behoe sebakeng se loketseng esale pele.
◼ Holo ea ’Muso kapa sebaka se seng seo ho tla kopaneloa ho sona li lokela ho hloekisoa hantle pele ho nako.
◼ Bahlokomeli le ba fetisang litšoantšetso ba lokela ho khethoa le ho hlalosetsoa esale pele mesebetsi ea bona, tsamaiso e nepahetseng e lokelang ho lateloa le hore ho hlokahala moaparo le boitlhopho bo hlomphehang.
◼ Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa ho isa litšoantšetso ho motlotsuoa ofe kapa ofe ea kulang ’me a sa khone ho ba teng.
◼ Haeba ho lokiselitsoe hore Holo ea ’Muso e sebelisoe ke liphutheho tse fetang e le ’ngoe, li lokela ho sebelisana hantle e le hore ho se ke ha e-ba le tšubuhlellano e sa hlokahaleng phasejeng kapa monyako, litseleng tsa sechaba le moo likoloi li pakoang teng.