Lenaneo le Lecha la Kopano e Khethehileng ea Letsatsi le le Leng
Kaha Bakreste ba pele ba ne ba filoe matla ke moea o halalelang, ba ile ba etsa sohle se matleng a bona hore ba phatlalatse litaba tse molemo libakeng tse hōle-hōle. (Lik. 1:8; Bakol. 1:23) Lenaneo la kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng ea selemo sa tšebeletso sa 2007, eo sehlooho sa eona se reng “Tšoareha ka Matla Haholo ka Lentsoe,” le tla re thusa ho etsisa mohlala oa bona o babatsehang.—Lik. 18:5.
Ha Morena Davida a bua ka lentsoe la Molimo o ile a re: “Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo.” (Pes. 19:7) Lenaneo le lokiselitsoeng ka hloko bakeng sa kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng ea 2007 le tla totobatsa hore Mangolo ke a bohlokoa “bakeng sa ho otlolla lintho” ’me le re thuse ho sebelisa Lentsoe la Molimo ha re paka le ha re ruta re hopotse hore metsotso e jele babeli. (2 Tim. 3:16, 17) Lenaneo lena le lecha le tla bontša hore na re ka qoba likotsi joang le ho rua molemo ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Le tla boela le re thuse ho sebelisa Lentsoe la Molimo ha re thusa bacha le batho ba sa tsoa kopanela hore ba hatele pele moeeng.
Etsa bonnete ba hore u ba teng ha lenaneo le qala, ’me u mamele ka hloko. Ngola lintlha tseo u ka li sebelisang bophelong ba hao. Bontša kananelo bakeng sa thuto le likhopotso tse fanoang, ’me u nahane hore na u tla sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona joang.
Lenaneo la kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng le tla etsa hore re ananele Lentsoe la Molimo haholoanyane, le re hopotse ho tsoela pele re tiile ha re ntse re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho, ’me le re bontše kamoo re ka thusang ba bang kateng hore ba etse se tšoanang. Kahoo ikemisetse hore u se ke ua fetoa ke tataiso le thuto leha e le efe ea moea eo Jehova a fanang ka eona ka tsela ena!—Esa. 30:20b, 21.