E-ba Sebete Empa U be le Khotso le Batho
1 Batho ba bangata bao re ba bolellang litaba tse molemo ba na le lintho tseo ba li lumelang ka pelo eohle leha li le khahlanong le ’nete ea Bibele. Le hoja re tlameha ho bolela litaba tse molemo ka sebete, re boetse re lakatsa ‘ho ba le khotso le batho bohle’ le ho qoba ho ba khopisa ho sa hlokahale. (Bar. 12:18; Lik. 4:29) Ha re ntse re bolela molaetsa oa ’Muso, ke joang re ka bang sebete empa re e-na le khotso le batho?
2 Batla Lintlha Tseo le Lumellanang ka Tsona: Motho ea nang le khotso o qoba likhang. Ha re hanyetsa mong’a ntlo ho sa hlokahale ka seo a se lumelang, a ke ke a thahasella molaetsa oa rōna. Haeba a bua ntho e fosahetseng, mohlomong ka masene re ka hlahisa ntlha eo re ka lumellanang ka eona. Ha re hatisa lintho tseo re lumellanang ka tsona, re ka ’na ra khona ho tlosa maikutlo a mabe ebe re mo finyella pelo.
3 Haeba re hlokomoloha pono e fosahetseng ea mong’a ntlo, na re tla be re sekisetsa kapa re bebofatsa ’nete? Che. Joaloka basebeletsi ba Bakreste, mosebetsi oa rōna hase ho hanyetsa maikutlo a mang le a mang a fosahetseng ao re a utloang, empa ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mat. 24:14) Ho e-na le ho phahamisa maikutlo ha motho a bua ntho e fosahetseng re ka nka seo e le monyetla oa ho lemoha seo a se nahanang.—Liprov. 16:23.
4 Fa Mong’a Ntlo Seriti: Ka linako tse ling ho hlokahala hore re be sebete ha re hanyetsa lithuto tse fosahetseng. Leha ho le joalo, kaha re batho ba nang le khotso, re qoba ho phoqa le ho nyelisa batho ba lumelang thuto e fosahetseng le ba e rutang. Ho iphahamisa ho etsa hore batho ba se ke ba mamela molaetsa, empa ho bua ka boikokobetso le ka mosa ho etsa hore batho ba ratang ’nete ba e thahaselle. Ho hlompha bamameli ba rōna le lintho tseo ba li lumelang ho ba fa seriti, kahoo ho ba nolofalletsa ho amohela molaetsa oa rōna.
5 Moapostola Pauluse o ile a nahana ka lintho tseo batho bao a ba bolellang litaba tse molemo ba li lumelang ’me a leka ho ba bolella tsona ka tsela e neng e tla ipiletsa lipelong tsa bona. (Lik. 17:22-31) Ka ho rata o ile a fetoha “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle,” e le hore “ka sebele [a ka] pholosa ba bang.” (1 Bakor. 9:22) Le rōna re ka etsa se tšoanang ka ho ba le khotso ha re ntse re bolela litaba tse molemo ka sebete.