Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Oct. 15
“Batho ba bang ba entse qeto ea hore kaha Molimo o leholimong, ha ho khonehe hore motho a mo tsebe hantle. Na u kile ua ba le maikutlo a joalo? [Emela karabo. Ebe u bala Johanne 17:3.] Makasine ena e hlalosa hore na re ka etsa’ng e le hore re rue tsebo ka Molimo.”
Tsoha! Oct.
“Boholo ba rōna re kile ra shoeloa ke baratuoa ba rōna. Na u nahana hore ho na le lintho tseo re ka ba etsetsang tsona tse ka ba thusang esita le ka mor’a lefu? [Emela karabo.] Sehlooho sena se re bolella karabo ea Bibele ea potso ena. Se boetse se bua ka tšepiso ena e tšelisang.” Bala Johanne 5:28, 29. Ebe u buella sehlooho se qalang leqepheng la 10.
Molula-Qhooa Nov. 1
“Kajeno batho ha ba lumellane ka maikutlo tabeng ea khōliso ea ngoana. Na u nahana hore ke ntho e ka etsahalang hore batsoali ba fumane keletso e tšepahalang ntlheng ee? [Emela karabo. Ebe u bala Pesaleme ea 32:8.] Makasine ena e fana ka thupelo e molemo e thehiloeng Bibeleng e mabapi le khōliso ea ngoana.”
Tsoha! Nov.
“Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakaale haeba ho e-na le Molimo ea lerato, ea nang le toka le ea matla? [Emela karabo.] Hlokomela hore na lengolo lena le re’ng ka sesosa sa mahlomola. [Bala 1 Johanne 5:19.] Makasine ena e hlalosa ka Bibele hore na Molimo o etsa’ng e le ho felisa mahlomola.”